O Shoetse Molao-motheo
“RE HOPOLA August Dickmann (ea hlahileng ka 1910), e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Mongolo o lejoeng la sehopotso (le bontšitsoeng mona) le sa tsoa koaholloa ho seo e neng e le kampo ea mahloriso ea Sachsenhausen o qala ka mantsoe ao. Ke hobane’ng ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ne a ka ba le tokelo ea ho etsetsoa lejoe le joalo? Karolo e setseng ea mongolo ona e pheta pale ena: “[O] ile a thunngoa phatlalatsa ke SS ka la 15 September, 1939, ka ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli.”
August Dickmann o ile a koalloa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen ka 1937. Matsatsi a mararo ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qhome ka 1939, o ile a laeloa ho tekena sephephechana sa ho qalisa tšebeletso ea sesole. Ha a hana, mookameli oa kampo eo o ile a kopana le Heinrich Himmler, mookameli oa SS (Schutzstaffel, sehlopha sa balebeli ba Hitler sa maemo a phahameng), ’me a kōpa tumello ea ho bolaea Dickmann mahlong a batšoaruoa bohle ba kampo eo. Ka la 17 September, 1939, The New York Times e ile ea tlaleha tjena Jeremane: “August Dickmann, ea lilemo li 29, . . . o thuntsoe mona ke sehlopha sa masole a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu.” Koranta ena e ile ea re e ne e le Mojeremane oa pele ea ileng a hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ntoeng eo.
Ka mor’a lilemo tse 60, ka la 18 September, 1999, mokhatlo oa Brandenburg Memorial Foundation o ile oa etsa sehopotso sa lefu la Dickmann, ’me lejoe lena la sehopotso joale le hopotsa baeti ka sebete sa hae le tumelo ea hae e matla. Lejoe la bobeli le leboteng le ka ntle la seo e neng e le kampo le hopotsa baeti hore Dickmann e ne e mpa feela e le e mong oa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 900 tse ileng tsa hlokofatsoa Sachsenhausen ka lebaka la tumelo ea tsona. Tse ling hape li ile tsa hlokofatsoa likampong tse ling. E, tse ngata li ile tsa lula li tšepahalla melao-motheo ea bomolimo le tlas’a maemo a bohloko a likampong tsa mahloriso.
Ho Lipaki tsa Jehova ke boikarabelo ba Bokreste ho ‘ipeha tlas’a balaoli ba phahameng [mebusong] ba nang le matla a ho laela.’ (Baroma 13:1) Leha ho le joalo, ha mebuso e leka ho li qobella ho tlōla melao ea Molimo, li latela mohlala oa baapostola ba Kreste, ba ileng ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ka lebaka leo, lefatšeng leo ho lona ho nang le bora bo pakeng tsa meloko le ho hloeana ha merabe ho lebisitseng liketsong tse sehlōhō tse tšosang, Lipaki tsa Jehova hohle, joaloka August Dickmann, li phehella khotso. Li latela khothatso ea Bibele e reng: “U se ke ua itlohella hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka molemo.”—Baroma 12:21.