Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/15 leq. 32
  • Batsoali ba Hanyetsa Leeme la Mosuoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali ba Hanyetsa Leeme la Mosuoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/15 leq. 32

Batsoali ba Hanyetsa Leeme la Mosuoe

Mosuoe e mong oa sekolo sa mathomo sa Cassano Murge, Italy, o ile a fa bana ba bang bao a ba rutang liphephechana tse khomaretsoang hore ba ee le tsona malapeng. Liphephechana tsena, tseo morero oa tsona e neng e le hore li khomaretsoe monyakong o ka pele, li ne li ngotsoe tsebiso e reng: “Re Mak’hatholike. Re kōpa hore Lipaki tsa Jehova li se ke tsa kokota monyakong ona.”

Batsoali ba bana ba bang, le hoja e se Lipaki tsa Jehova, ba ile ba hanyetsa ka matla liketso tsa mosuoe eo. Ho latela koranta e bitsoang Muoviti Muoviti, batsoali ba ile ba beha mosuoe molato ka hore ‘ho fa bana molaetsa oa mofuta ona ho kolekela hore ba hanyetse mang kapa mang ea sa nahaneng joaloka bona kapa ba khese motho feela hobane a sa “tšoane” le bona ka bolumeli.’ Motsoali e mong ea ileng a ngolla koranta ena o ile a bitsa sephephechana sena “peō ea lehola, lehlomela la ho hloka tsebo le bothoto.”

Joalokaha tlaleho ena e bontša, batho ba bangata ba seng leeme ba hlokomela likotsi tsa ho jala peō ea khethollo. Ba boetse ba hlompha tšebeletso ea Bokreste e etsoang ke Lipaki tsa Jehova Italy le lefatšeng lohle. Ke hobane’ng ha u sa botse Lipaki ‘lebaka la tšepo e ho tsona’? Li tla thabela ho buisana le uena ka eona, li etsa joalo ka “tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela