Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 6/1 leq. 32
  • Ho Lula U Tšepahala ho Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lula U Tšepahala ho Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 6/1 leq. 32

Ho Lula U Tšepahala ho Jehova

LE HOJA botšepehi e se e le ntho e sa tloaelehang kajeno, ke tšobotsi e khethollang bahlanka ba Molimo oa ’nete, Jehova. Motho ea tšepahalang o lula a tiile ’me a sa thekesele ha a le tlas’a liteko, ho sa tsotellehe nako e fetang. Nahana ka Morena Ezekiase ea molemo. Bibele e re: “Har’a marena ’ohle a Juda a bileng teng ka morao ho eena leha e le ka pele ho eena, ha hoa ka ha e-ba ea tšoanang le eena.” Ke eng e ileng ea etsa hore Ezekiase e be ea ikhethang? Le hoja a ne a pota-potiloe ke barapeli ba molimo oa bohata Moloke, o ile “a khomarela Jehova.” E, Ezekiase ha aa ka a ‘lesa ho latela [Jehova], a ’na a boloka litaelo tsa hae.’—2 Marena 18:1-6.

Moapostola Pauluse ke e mong ea ileng a lula a tšepahala ho Jehova. Joalokaha ho fumanoa ka Mangolong a Bakreste a Bagerike, tlaleho ea tšebeletso ea Pauluse e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore kamehla o ne a etsetsa Molimo tšebeletso ea moea oohle. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Pauluse o ne a ka bua tjena: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 Timothea 4:7.

Re na le mehlala e metle hakaakang ea Ezekiase le Pauluse! E se eka re ka etsisa tumelo ea bona ka ho lula re tšepahala ho Molimo oa rōna e Moholo, Jehova.—Baheberu 13:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela