Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?
“BO-RASAENSE ba simolotse phuputso e qalileng ho bontša hore ho tšoarela ho ka ntlafatsa bophelo ba motho ba maikutlo—’me ho ka hla ha etsahala hore ho ntlafatse le ba ’mele,” ke kamoo ho tlalehang The Toronto Star ea Canada. Empa Moprofesa Carl Thoresen oa Stanford University, U.S.A., moeta-pele oa liphuputso tsa Stanford Forgiveness Project, o bontša hore ho na le “batho ba fokolang haholo ba utloisisang hore ho tšoarela ke eng le hore na ho sebetsa joang.”
Ho nkoa hore ho tšoarela ha sebele ke karolo ea bohlokoahali ea Bokreste. Tlaleho ea The Toronto Star e ho hlalosa e le “ho hlokomela hore motho o u sitetsoe, ho lesa ho hlonamela seo, ’me u qetelle u qenehela motho ea u sitetsoeng u bile u mo rata.” Ho tlameha ho khetholloa ho ho khothalletsa tšito, ho e emela, ho e lebala kapa ho e latola; leha e le hona hore ho bolela ho ipusetsa boemong ba ho hlonama. Tlaleho ena e bolela hore senotlolo sa ho tšoarela ha ’nete ke “ho lesa khalefo le maikutlo a fosahetseng.”
Bafuputsi ba bolela hore ho hlokahala hore ho hlahlojoe ka hloko hore na ho tšoarela ho na le melemo efe ’meleng. Leha ho le joalo, ba tlaleha melemo e amanang le kelello, ho akarelletsa “ho fokotseha ha khatello kelellong, ho tšoenyeha le ho tepella maikutlo.”
Lebaka le ka sehloohong la ho tšoarela le bontšitsoe ho Baefese 4:32, e reng: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” Ha ho tluoa tabeng ea ho tšoarela, joaloka litabeng tse ling, re khothalletsoa ho etsisa Molimo.—Baefese 5:1.
Ho hana ho tšoarela ba bang ha ho e-na le lebaka la ho hauhela ho ka ama kamano ea rōna le Molimo hampe. Jehova o lebeletse hore re tšoarelane. Joale re ka rapela hore a re tšoarele.—Matheu 6:14; Mareka 11:25; 1 Johanne 4:11.