Mesebetsi e Metle e Tlotlisa Molimo
BA RATANG Molimo ba leka ho bonahatsa leseli la moea le tsoang Lentsoeng la hae, Bibele. Ka tsela ena, ba latela taelo ea Jesu, e reng: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:16) Boitšoaro hammoho le lipolelo tse khabane li ka tlotlisa Molimo.
Lipaki tsa Jehova li batla ho khahlisa Molimo ka ho sebetsa tumellanong le Bibele le ka ho leka ho thusa ba bang moeeng. Li etsa joalo le linaheng tseo bosebeletsi ba tsona ba phatlalatsa bo sa ngolisoang ka molao. Motse-moholo oa e ’ngoe ea linaha tsena, Lipaki li ’nile tsa tšoara likopano tsa tsona tse khōlō tsa selemo le selemo tseo ho tsona ho bang le batho ba 6 000 ho ea ho 9 000. Bakeng sa liboka tse joalo, li ’nile tsa hira liholo mehahong eo ho tšoareloang lipontšo ho eona. Joalokaha li ’nile tsa etsa ka lilemo tse fetileng, pele ho kopano ea tsona ka 1999, Lipaki tse makholo li ile tsa sebetsa ka thata ho hloekisa mehaho ena le ho beha libuela-hōle le litulo tse likete.
Tokisetso ena eohle e ile ea hlokomeleha. Baokameli ba mehaho ena ba ile ba lemoha mesebetsi ena. Hape ba ile ba bona hore, le hoja tlhōro ea ba bileng teng e ne e le 15 666, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tsamaea hantle le hore Lipaki li ne li laolehile haholo. Baokameli ba ile ba boela ba khahloa ke tlhoekiso e tsoileng matsoho e ileng ea etsoa ka mor’a moo.
Baokameli ba ile ba ananela sena sohle ka ho beha Lipaki e le tsona tsa pele letotong la ba neng ba tla fuoa monyetla oa ho hira mehaho eo selemong se latelang. Empa baokameli ba ile ba etsa ho fetang hoo. Ka la 15 July, 1999, ba ile ba fa komiti ea kopano mpho ea kananelo. Lejoeng leo ho ne ho ngotsoe mantsoe a reng “phutheho ea Lipaki tsa Jehova”—e leng ntho e neng e sa lebelloa naheng eo ho eona mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele o thibetsoeng.
Lefatšeng lohle ka 2000/2001, ho lebelletsoe ba limilione ho ba teng Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” tse makholo. Ka ho ba teng, u ka iponela ka bouena hore na ba etsang ka tieo se boleloang ka Bibeleng ba kopanela joang mesebetsing e molemo e tlotlisang Molimo.
[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 32]
Na U ka Rata ho Eteloa?
Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.