Lerato la Bokreste—Le Bontšoa ka Liketso
HA NTLO ea ba ha Bartholomew e ne e e-cha lore! Trinidad, ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ntle le bophelo ba bona. Ba ile ba lula ha mong ka bona ea haufi le moo, empa ha hoa ka ha fella moo.
Olive Bartholomew ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me litho tsa phutheho eo a kopanelang ho eona—esita le tsa libaka tse haufi—li ile tsa qala ho etsa menehelo ea ho tsosa ntlo eo e cheleng ea lelapa lena. Ho ile ha thehoa komiti e tla laola mosebetsi oa ho tsosa mohaho oo, ’me kaho e ile ea qalisoa. Ba neng ba le teng setšeng sena e ne e le Lipaki tse ka bang 20, hammoho le baahelani ba bang. Esita le bacha ba ile ba kenella, ’me ba bang ba ne ba le moo bakeng sa ho fana ka lijo tse bobebe.
“Lelapa la ka le hloletsoe,” e leng seo Olive a ileng a se bua, joalokaha se tlalehiloe ho Sunday Guardian ea Trinidad. “Hase Lipaki, ’me monna oa ka o sa ntse a makaletse seo a se bonang.”
Ha a akaretsa mosebetsi o entsoeng, mohokahanyi oa mosebetsi ona oa kaho o ile a totobatsa hore ka sebele liketso tse joalo ke matšoao a khethollang Bokreste ba ’nete. O ile a re: “Ha re bue ka lerato ha re kena ntlo le ntlo feela. Re leka ho sebelisa seo re se rutang.”—Johanne 13:34, 35.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Olive Bartholomew le monna oa hae