Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 11/15 leq. 32
  • Botle ba ka Hare ke ba Bohlokoa bo Tšoarellang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botle ba ka Hare ke ba Bohlokoa bo Tšoarellang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 11/15 leq. 32

Botle ba ka Hare ke ba Bohlokoa bo Tšoarellang

MOKRESTE E MONG EA HŌLILENG EA TŠEPAHALANG O ILE A RE: “MOHLANKANA O TŠOANTŠA BOTLE LE BOKHABANE.”

E, ke khale motho a e-na le tšekamelo ea ho lebisa tlhokomelo e sa hlokahaleng botleng ba ka ntle, ’me hangata hoo ho ’nile ha fella ka ho etsa qeto e fosahetseng mabapi le litšoaneleho tsa ka hare. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna o sheba seo re leng sona ka hare botebong, ho sa tsotellehe hore na ka ntle re shebahala joang. Ka tsela ena o beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa kahlolo e bontšang ho hōla ka ho feletseng. Ho latela Bibele, Molimo o itse: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.

Molimo ke Mohloli oa botle ba sebele ba motho, ’me Lentsoe la hae le senola hore ha a etsa qeto ka bokhabane ba motho ba sebele, litšoaneleho tsa moea ke tsona tsa bohlokoahali. Bibele e re: “Khahleho ea thetsa; botle ke bosaoana! Mosali ea tšabang Jehova ke eena ea tla rorisoa.” (Liproverbia 31:30) Ka sebele, botle ba ka ntle bo ka ’na ba pata bobe ba ka hare. (Esthere 1:10-12; Liproverbia 11:22) Le hoja botle ba ka ntle bo ka ’na ba fela ha nako e ntse e feta, botle ba ka hare—litšoaneleho tsa pelo—bo ka ntlafala ba ba ba tšoarella.

Ka lebaka leo, ke ho bohlale hakaakang ho hlaolela litšoaneleho tse joaloka lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro! (Bagalata 5:22, 23) Ka ho etsa joalo re ka ba le botle ba ka hare, boo ka sebele bo nang le molemo oa ka ho sa feleng.—1 Petrose 3:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela