Na ho Bonahala Eka Bolumeli bo tla ba Bonngoeng?
Christian Krause, mopresidente oa Mokhatlo oa Lefatše oa Malutere o itse: “Re bona letsatsi la bohlokoa historing ea likereke tsa rōna.” Ka ho tšoanang, Mopapa John Paul II o buile ka “bohato ba bohlokoa tseleng e nyolosetsang ea ho tsosolosa bonngoe ba Bakreste ka ho feletseng.”
Lipolelo tsena tse bontšang cheseho li ile tsa susumetsoa ke hore ka la 31 October, 1999, ho saeneloe Polelo ea Molao e Kopanetsoeng, Augsburg, Jeremane, ho tiisa Phatlalatso e Kopanetsoeng e Mabapi le Thuto ea Tokafatso. Nako le sebaka tsa ketsahalo ena li ne li khethiloe ka hloko. Ho boleloa hore ka la 31 October, 1517, Martin Luther o ile a khokhothela litletlebo tsa hae tse 95 lemating la kereke e khōlō ea Wittenberg, kahoo a qalisa Phetohelo ea Maprostanta Khahlanong le Lithuto tsa Kereke e K’hatholike. Ha e le hantle, Augsburg ke moo ka 1530 Malutere a ileng a nehelana ka thuto ea motheo ea ’ona, e bitsoang Tumelo ea Augsburg, e ileng ea hanoa ke Kereke e K’hatholike, ’me ea baka karohano e sa feleng lipakeng tsa Boprostanta le Bok’hatholike.
Joalokaha ho boleloa, na Phatlalatso e Kopanetsoeng e tla ba bohato ba makhaola-khang ba ho felisa karohano ea kereke? Mahlakore a mang a ne a se na tšepo. Mesuoe ea bolumeli ea Maprostanta e fetang 250 e ile ea saena boipelaetso bo khahlanong le eona, e lemosa ka hore hoo ke ho hapelloa Kerekeng e K’hatholike. Maprostanta a ile a boela a khopisoa ke hore Kereke e K’hatholike e phatlalatse lengolo le khethehileng la tletlebo la selemo sa 2000, e leng oona mokhoa o ileng oa potlakisa karohano lilemong tse fetileng tse ka bang 500. Hape kaha Tumelo ea Augsburg le khanyetso e entsoeng ke Mak’hatholike ka Seboka sa Trent li sa ntsane li sebetsa, taba ea bonngoe e sa le chaba se hōle.
Karohano le ho se lumellane ka hare ho Bokreste-’mōtoana li khōlō ho feta se ka lokisoang ka ho saena phatlalatso leha e le efe e kopanetsoeng. Ho feta moo, bonngoe tumelong, bo itšetlehile ka litumelo tse thehiloeng ka tieo Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Baefese 4:3-6) Bonngoe ba ’nete bo tla ka ho ithuta le ho etsa seo Molimo a se hlokang ho rōna, eseng ka ho sekisetsa. Moprofeta Mikea ea tšepahalang o ile a re: ‘Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le
mehla.’—Mikea 4:5.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
© Ralph Orlowski/REUTERS/Archive Photos