Na Lilemo Tsa Sekete se Secha li Tla ba le Khotso?
SELEMO sa Machaba sa Khotso se ile sa buloa ka litšebeletso Paris le New York City ka la 14 September, 1999. Sena se ile sa phatlalatsoa ke Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng bakeng sa selemo sa 2000. Federico Mayor, motsamaisi-kakaretso oa mehleng oa UNESCO, o ile a ipiletsa ka matla hore “ho qalisoe mokhatlo oa lefatše oa thuto ea khotso le ho se befelane.”
UNESCO e na le maele a reng “kaha lintoa li qala ka likelellong tsa batho, likelello tsa batho ke tsona tse lokelang ho haheloa lekhoakhoa la khotso.” Tumellanong le sena, mokhatlo ona o rera ho ntšetsa pele thuto ea khotso ka “thupelo, phapanyetsano ea maikutlo le tšebelisano.” Monghali Mayor o hlalositse hore ha hoa lekana “ho ba ba nang le khotso, le ba sa rateng ntoa, empa ho hlokahalang ke ho ba ba bōpang khotso.”
Ka masoabi, selemo sa 2000 e ne e se sa khotso. Histori ea kajeno—ho akarelletsa liketsahalo tse etsahetseng selemong sa 2000—e totobalitse hore motho o hlōlehile ho thibela ntoa le pefo ho sa tsotellehe boikitlaetso bo etsoang ntlheng eo.
Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore khotso e hlile e hokahane le thuto. Lilemong tse fetileng tse 2 700, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele, a re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.” (Esaia 54:13, NW) Moprofeta eena enoa o ile a bona esale pele nako ea ha batho ba lichaba tsohle ba ne ba tla phallela borapeling bo hloekileng ba Jehova Molimo ho ithuta litsela tsa Hae. Ka phello efe? “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:2-4, NW) Tumellanong le boprofeta boo, Lipaki tsa Jehova li se li kene mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho ruta o seng o thusitse ba limilione hore ba fenye lehloeo la bochaba le bomorabe tseo e leng motso oa lintoa tse ngata.
Lintoa li tla fella ruri ’Musong oa Molimo, o tla tlisetsa lefatše khotso ea ka ho sa feleng le tšireletseho. (Pesaleme ea 72:7; Daniele 2:44) Joale, mantsoe ana a mopesaleme a tla phethahala: “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9, NW.