Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/1 leq. 32
  • “Pholiso Mokhubung oa Hao”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Pholiso Mokhubung oa Hao”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/1 leq. 32

“Pholiso Mokhubung oa Hao”

HO NA le tumelo ea hore palo e khōlō ea maloetse a batho e bakoa ke ho imeloa kelellong ke lintho tse kang tšabo, masoabi, mohono, tlhonamo, lehloeo le ho ikutloa u le molato. Ka lebaka lena, polelo ee ea Bibele e tšelisa hakaakang ha e re ‘ho tšaba Jehova’ ke “pholiso mokhubung oa hao le khatholoho masapong a hao.”—Liproverbia 3:7, 8.

Masapo ke tšiea ea ’mele. Kahoo, Bibele e sebelisa lentsoe ‘masapo’ ka tsela ea tšoantšetso, ho tšoantšetsa motho—haholo ha a angoa maikutlo ka mokhoa o tebileng. Empa ho tšaba Jehova ke “pholiso mokhubung oa hao” joang?

Litsebi tsa Bibele li fapana ka maikutlo mabapi le tšebeliso ea ‘mokhubu’ temaneng ena. Mohlalosi e mong o re kahobane ‘mokhubu’ o “bohareng ba ’mele,” o ka ’na oa tšoantšetsa litho tsohle tsa bohlokoa. Setsebi se seng se fana ka maikutlo a hore lentsoe ‘mokhubu’ le ka ’na la bolela lelana la mokhubu, joalokaha le sebelisitsoe ho Ezekiele 16:4. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba Liproverbia 3:8 e hatisa hore hoa hlokahala hore re itšetlehe ka Molimo—feela joalokaha lesea le ka pōpelong le itšetleha ka ho feletseng ka ’m’a lona bakeng sa lijo. Maikutlo a mang hape ke hore temaneng ena ‘mokhubu’ o ka ’na oa bolela mesifa le litšika tsa ’mele. Moelelong oa temana ena, e ka ’na eaba ho bontšoa hore likarolo tsena ha li tšoane le ‘masapo’—e leng karolo ea ’mele e tiileng haholoanyane.

Ho sa tsotellehe hore na moelelo o tobileng ke ofe, ’nete e salang ke hore: Ho bontša tlhompho e nang le tšabo ho Jehova ke bohlale. Ho lumellana le litekanyetso tsa Molimo ho ka tlatsetsa ho pheleng hantle ’meleng hona joale. Ho feta moo, ho ka re tlisetsa mohau oa Jehova, o tla re isa bophelong bo sa feleng re phela hantle ka ho phethahetseng—’meleng le maikutlong—lefatšeng la hae le lecha le tlang.—Esaia 33:24; Tšenolo 21:4; 22:2.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Dr. G. Moscoso/SPL/Photo Researchers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela