Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 6/1 leq. 32
  • Thuto ea Bibele—Na e ka U Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Bibele—Na e ka U Thusa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 6/1 leq. 32

Thuto ea Bibele—Na e ka U Thusa?

“HA EA lokela ho baloa ha moprista a le sieo.” Temoso ena e hlaha qalong ea Libibele tse ling tsa Mak’hatholike. Kay Murdy oa Mokhatlo oa Bibele oa K’hatholike o Los Angeles o re: “Re le Mak’hatholike, ha rea ka ra tloaetsoa Bibele, empa boemo boa fetoha.” O bolela hore hang ha Mak’hatholike a lemoha kamoo Mangolo a Halalelang a ka amang bophelo ba ’ona kateng, “a hōlisa tabatabelo ea ’ona ea Bibele.”

Mabapi le phetoho ena, makasine e bitsoang U.S. Catholic e qotsa mohokahanyi e mong oa thuto ea bolumeli ea ileng a bolela hore Mak’hatholike a kopanelang lihlopheng tsa thuto ea Bibele a ne a ikutloa hore “bona joaloka Mak’hatholike ba ile ba bolaisoa tlala, le hore ho na le letlotlo la moea le lengata ka Bibeleng. Ba batla ho fumana karolo ea letlotlo leo la moea leo ba ikutloang hore ha baa ka ba le fumana.”

Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho na le ‘letlotlo lefe la moea’ leo seithuti sa Bibele se ka le fumanang? Ak’u nahane: Na u ka rata ho tseba mokhoa oa ho sebetsana ka katleho le matšoenyeho a bophelo a letsatsi le letsatsi? U ka boloka khotso joang ka lapeng? Ke hobane’ng ha ho e-na le boitšoaro bo bongata bo sa hlompheheng le bo khahlanong le melao ea kahisano hakaale? Ke eng se bakang pefo har’a bacha ba kajeno? Likarabo tse ka tšeptjoang tsa lipotso tsena le tse ling tse qakang li ka fumanoa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, ’me ka sebele e ka ba “letlotlo” ho Mak’hatholike kapa Maprostanta hammoho le Mabuddha, Mahindu, Mamosleme, Mashinto, esita le ba sa lumeleng boteng ba Molimo le ba belaellang boteng ba Molimo. Mopesaleme o ile a re, ‘lentsoe la Molimo e ne e le lebone la leoto la hae, le leseli tseleng ea hae.’ Ho ka ba joalo le ho uena.—Pesaleme ea 119:105.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela