Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 9/15 leq. 32
  • Ba Sebelisa Lebitso la Molimo Afrika Bohareng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Sebelisa Lebitso la Molimo Afrika Bohareng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 9/15 leq. 32

Ba Sebelisa Lebitso la Molimo Afrika Bohareng

BOHOLO ba batho ba phelang Afrika Bohareng ba lumela ho Molimo. Ha ba na pelaelo hore ke ’Mōpi oa lintho tsohle. (Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, feela joaloka batho ba bangata ba libakeng tse ling, hangata ba hlokomoloha lebitso la hae—Jehova.

Batho ba Afrika Bohareng esita le likarolong tse ling tsa lefatše, ba bua ka lebitso la Molimo ha ba re, “Lebitso la hao le halaletsoe” Thapelong ea Morena. (Matheu 6:9, Bibele—Phetolelo e Ncha) Empa ka nako e telele, ke ba fokolang ba neng ba tseba lebitso leo. Leha ho le joalo, ho pholletsa le lilemo, mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o etsoang ka cheseho o fetotse boitšoaro ba batho mabapi le tšebeliso ea lebitso la Molimo. Kajeno, lebitso la Molimo le tsejoa le ho amoheloa ka ho pharaletseng ka lipuo tse ngata tsa Afrika, tse kang Sezulu (uJehova), Seyoruba (Jehofah), Sexhosa (uYehova) le Seswahili (Yehova). Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata tsa Bibele tse ngotsoeng ka lipuo tsena li sa ntse li qoba ho sebelisa lebitso la Molimo.

Phetolelo e ntle e sebelisang lebitso la Molimo ke Bibele ea Sezande, e leng puo e buuoang likarolong tsa Central African Republic, Sudan le Democratic Republic of Congo. Karolong eo ea lefatše, batho ba sebelisa lebitso la Molimo, ba le peleta e le Yekova ka puo ea bona. Ho sa tsotellehe hore na lebitso la Molimo le hlahisoa ka tsela efe ka puo ea moo, ke habohlokoa ho le sebelisa. Hobane’ng? Hobane “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Baroma 10:13.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 32]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

SUDAN

DEMOCRATIC REPUBLIC OF CONGO

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela