“Qetellong ke Tseba Lefu le Ntšoereng!”
KE KAMOO monna e mong oa Tokyo a ileng a ikutloa kateng ha a bala pale ea bophelo e tokollong ea Molula-Qhooa oa December 1, 2000. Sehlooho seo se ne se re “Ha le Tsebe Hore na Bophelo ba Lōna bo Tla ba Joang Hosasane,” ’me se ne se bua ka phihlelo ea moromuoa e mong oa nakong e fetileng ea tšoeroeng ke boloetse boo lingaka li bo bitsang boloetse ba kelello bo bakang ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng.
Monna enoa oa Tokyo o ile a bolela se latelang lengolong le eang ho bahatisi ba makasine ena: “Matšoao a hlalosoang a ile a tšoana le a ka ka ho phethahetseng. Kahoo ke ile ka ea sepetleleng sa mafu a kelello ’me ka bolelloa hore ke na le boloetse ba ho tepella maikutlo ho ferekanyang kelello. Ngaka e neng e ntlhahloba e ile ea makala. E ile ea re, ‘Hase kamehla batho ba nang le boloetse bona ba nahanang hore baa kula.’ Ke ile ka thusoa ho fumana boloetse pele bo teba haholo.”
Batho ba limilione lefatšeng lohle ba rua molemo ka litsela tse sa tšoaneng ka ho bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le makasine ea habo eona, e leng Tsoha! Ba fumana lihlooho tsa tsona li ruisa tsebo hape li khotsofatsa. Hona joale makasine ea Molula-Qhooa e hatisoa ka lipuo tse 141, ’me Tsoha! e hatisoa ka lipuo tse 86. Le uena u tla thabela ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla.