Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/1 leq. 32
  • Lintho Tse Senyang Lifate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse Senyang Lifate
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/1 leq. 32

Lintho Tse Senyang Lifate

MEHLENG ea Bibele, lifate li ne li nkoa e le lihlahisoa tsa bohlokoa. Ka mohlala, ha Abrahama a reka sebaka sa lepato bakeng sa mosali oa hae ea ratoang, Sara, ho ile ha kopanyelletsoa lifate lethathamong ha ho etsoa tumellano ea ho fetisetsa setša lebitsong la hae.—Genese 23:15-18.

Ka ho tšoanang kajeno, lifate li nkoa e le tsa bohlokoa haholo, ’me mekhatlo ea machaba e lebisa tlhokomelo e khōlō ho sireletseng meru. Buka e bitsoang State of the World 1998, e re: “Le hoja batho ba bangata ba linaheng tse ka leboea tsa lefatše ba amehile ka meru e linaheng tse chesang tse mongobo, e ka ’na eaba ha ba hlokomele hore meru e melang boemong bo itekanetseng ba leholimo e linaheng tsa bona ke eona e litsekana le e sentsoeng ka ho fetisisa har’a mefuta eohle ea meru.” Ke eng se sokelang bophelo ba meru linaheng tseo tse ka leboea tsa Europe le Amerika Leboea? Batho ba bangata ba re ke ho senngoa ha meru, empa ka puo ea tšoantšetso ho ka thoe ho na le matla a mang ao ka sekhukhu a bolaeang lifate, se le seng ka nako. Matla ao ke eng? Ke tšilafatso ea moea le pula ea asiti. Lintho tsena tse silafatsang li fokolisa lifate hanyane ka hanyane, li li tlohela li pepesehetse tlhaselo ea likokoanyana le maloetse.

Ka lilemo tse mashome, litsebi tsa tikoloho le baahi ba bang ba amehileng ba ’nile ba lemosa ka tlhokahalo ea ho sireletsa tikoloho le lintho tse phelang lefatšeng. Lilemong tsa bo-1980, ka mor’a hore bo-rasaense Jeremane ba ithute ka liphello tsa tšilafatso ea moea le pula ea asiti tikolohong, ba ile ba phetha ka ho re: ‘Haeba ho sa etsoe letho, mohlomong hoo e ka bang ka selemo sa 2000, batho ba tla be ba bona meru litšoantšong tsa khale le lifiliming feela.’ Ka lehlohonolo, lefatše le na le matla a lekaneng a ho inchafatsa hoo ho fihlela joale meru e khonneng ho ema ka tieo khahlanong le boholo ba tšenyo ena e boletsoeng esale pele.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, ke Molimo ea tla sireletsa tikoloho ka ho fetisisa hammoho le lintho tse phelang ho eona. “O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse ka holimo” ’me “o melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo, le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho.” ’Me o tšepisitse hore o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Pesaleme ea 104:13, 14; Tšenolo 11:18) Ho tla ba monate hakaakang mohla baahi ba lefatše ba khonang ho thabela lefatše le se nang tšilafalo ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 37:9-11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela