Henry VIII le Bibele
BUKENG ea hae e bitsoang History of the English-Speaking Peoples (Moqolo 2), Winston Churchill o ile a ngola: “Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō bolumeling ka kakaretso. Joale Bibele e ile ea e-ba mohloli o mocha o amoheloang oa keletso o susumetsang batho libakeng tse ngata. Moloko oa batho ba hōlileng o ne o nka Mangolo a Halalelang a le kotsi ha a le matsohong a batho ba sa rutehang ebile a lokela ho baloa ke baruti feela.”
Tlaleho eo e tsoela pele ho re: “Libibele tse hatisitsoeng tse feletseng, tse fetoletsoeng ka Senyesemane ke Tyndal le Coverdale, li ne li ile tsa hlaha ka lekhetlo la pele ka hoetla ka 1535, ’me joale ho ne ho ntse ho hatisoa tse eketsehileng. ’Muso o ile oa laela baruti hore ba khothalletse batho ho bala Bibele.” Ka mor’a hore ho fete makholo a lilemo e sa tsebe letho ka Bibele, qetellong Engelane e ne e tla rua tsebo eo, ka thuso ea ’muso oa Henry VIII ho fapana le kereke.a
“Ho hobe le ho feta ho batho ba neng ba khomaretse maikutlo a mehleng ea boholo-holo ka Bibele, ’Muso o ile oa laela hore ho hatisoe Libibele tsa Senyesemane ka bongata Paris, tsa boleng bo botle ho feta phetolelo leha e le efe e kileng ea hatisoa pele, ’me ka September 1538 oa laela hore pharishe e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a naha e reke Bibele e khōlō ka ho fetisisa ea Senyesemane, e le hore e ka behoa ka har’a kereke e ’ngoe le e ’ngoe, moo litho tsa pharishe li neng li ka e fumana habonolo le ho e bala. Ho ile ha behoa Libibele tse tšeletseng ka kerekeng ea St Paul, Motseng oa London, ’me batho ba bangata ba ne ba phuthehela teng letsatsi lohle ho ea e bala, ha e le hantle, re bolelloa hore ho ne ho e-ba joalo haholo-holo ha ba ne ba ka fumana motho ea nang le lentsoe le phefa ea ka e ballang holimo.”
Ka masoabi, lichabeng tse ngata batho ba bangata ha ba sebelise monyetla oa ho ba le tokelo ea ho bala Bibele kamehla. Ena ke taba eo re lokelang ho ameha haholo ka eona, hobane ke Bibele feela e ‘bululetsoeng ke Molimo, e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.’—2 Timothea 3:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Morena Henry VIII o busitse Engelane ho tloha ka 1509 ho fihlela ka 1547.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Henry VIII: Painting in the Royal Gallery at Kensington, from the book The History of Protestantism (Vol. I)