U ka Pholoha Bofelo ba Lefatše Lee Joang?
BIBELE e hlalosa bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho e le “letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo, letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo, letsatsi la maru le la botšo bo boholo.” (Sofonia 1:15) Kannete, lena hase letsatsi leo ka tloaelo u ka le lebellang! Leha ho le joalo, moapostola Petrose o khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba ‘lete ’me ba lule ba hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha! Empa ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.’—2 Petrose 3:12, 13.
Mona Petrose o ne a sa bue ka timetso ea leholimo le lefatše tsa sebele. “Leholimo” le “lefatše” tseo Petrose a buang ka tsona tabeng ena li emela mebuso ea batho le mokhatlo oa batho ba sa tšabeng Molimo. “Letsatsi la Jehova” le ke ke la timetsa lefatše ka bolona, empa le tla “felisa baetsalibe ba naha.” (Esaia 13:9) Ho bohle ba “feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala” tse etsoang lefatšeng la kajeno le khopo la mokhatlo oa batho, letsatsi la Jehova e tla ba letsatsi la poloko.—Ezekiele 9:4.
Ha ho le joalo, ke joang motho a ka pholohang “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova”? “Lentsoe la Jehova” le senoletsoeng e mong oa baprofeta ba hae le araba potso eo: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 1:1; 2:31, 32) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho tseba hore na ho ipiletsa lebitsong la Jehova ho bolela’ng.