Ketsahalo ea Bohlokoahali Historing
EBILE lefu la Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha e ne e le la bohlokoa hakaale? Ka mabaka a ’maloa.
Ho tšepahala ha Jesu ho fihlela lefung e ne e le bopaki ba hore batho ba ka lula ba tšepahala ho Molimo.
Lefu la Kreste le ile la fa ba bang monyetla oa ho ba babusi-’moho le eena leholimong. Hape le ile la bula monyetla oa hore ba bang ba bangata ba thabele bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng.
Mantsiboeeng a pele ho lefu la hae, Jesu o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu e le litšoantšetso tsa sehlabelo sa hae sa botho se entsoeng ka lerato. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Na u tla hopola ketsahalo ee ea bohlokoa?
Lipaki tsa Jehova li u mema ka mosa hore u be le tsona ha li keteka Sehopotso sa lefu la Jesu. Selemong sena letsatsi la mokete ona ke Labone la la 28 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng. Re kōpa hore u bonane le Lipaki tsa Jehova tsa haeno bakeng sa nako le sebaka.