Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 6/1 leq. 32
  • “Ba Theohetse”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Theohetse”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 6/1 leq. 32

“Ba Theohetse”

“Metsi a bilohang a ba koahetse; ba theohetse bolibeng joaloka lejoe.”

KA MANTSOE a pina ena, Moshe le Baiseraele ba ile ba keteka ka pina topollo ea bona Leoatleng le Lefubelu le pheliso ea sera sa Baegepeta se neng se ba behile merebele—e leng Faro le lebotho la hae.—Exoda 15:4, 5.

Ho mang kapa mang ea ileng a bona ketsahalo eo e hlollang, morero oa eona o ne o hlakile. Ha ho motho ea ka atlehang ho phephetsa kapa ho hanyetsa bolaoli ba Jehova ’me a phela. Leha ho le joalo, likhoeli tse seng kae hamorao, Baiseraele ba hlaheletseng—Kora, Dathane, Abirame le batšehetsi ba 250—ba ile ba phephetsa pepenene bolaoli boo Moshe le Arone ba bo filoeng ke Molimo.—Numere 16:1-3.

Ka taelo ea Jehova, Moshe o ile a lemosa Baiseraele hore ba tlohe litenteng tsa marabele ao. Ka ho hloka tlhompho, Dathane le Abirame, ba potiloe ke litho tsa malapa a bona, ba ile ba hana ho fetola boikutlo ba bona. Eaba Moshe o phatlalatsa hore ka tsela ea Hae, Jehova o tla etsa hore ho hlake ho sechaba hore banna bao “ba hlompholotse Jehova.” Ka eona nako eo, Jehova o ile a ngamola lefatše tlas’a maoto a bona. “Kahoo ba theohela Sheole ba phela, le bohle bao e neng e le ba bona, ’me lefatše la qala ho ba koahela.” Ho ile ha etsahala’ng ka Kora le marabele a mang? “Mollo oa tsoa ho Jehova ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.”—Numere 16:23-35; 26:10.

Faro le mabotho a hae, esita le marabele ana a neng a le lefeelleng, kaofela ba ile ba timela hobane ba ile ba hlōleha ho lemoha bolaoli ba Jehova le thahasello ea hae litabeng tsa sechaba sa hae. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore bohle ba batlang ho sireletsoa ke Jehova matsatsing ana a mahlonoko ba ithute ka Jehova ba be ba mo mamele e le “Ea Phahameng ka ho Fetisisa” le “Ea Matla ’Ohle.” Haeba ba etsa joalo, ba ka kholiseha ka mantsoe ana a Jehova: “Ba sekete ba tla oa lehlakoreng la hao ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona; e ke ke ea atamela ho uena. U tla talima feela ka mahlo a hao u bone tefetso ea ba khopo. Kahobane u itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka,’ u entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo.”—Pesaleme ea 91:1, 7-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela