Qoba ho Thetsoa
THETSO ke ea khale joaloka motho. E ’ngoe ea liketsahalo tsa pele historing e tlalehiloeng e ne e le ketso ea thetso. Sena se etsahetse ha Satane a ne a thetsa Eva serapeng sa Edene.—Genese 3:13; 1 Timothea 2:14.
Le hoja esale thetso e ata lefatšeng ho tloha ka nako eo, e bonahala e jele setsi ka ho khetheha kajeno. Ha Bibele e bolela esale pele se tla etsahala mehleng ena, e ile ea lemosa: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.”—2 Timothea 3:13.
Batho ba thetsoa ka mabaka a mangata. Baqhekelli le batho ba isang batho ba bang le khongoana holimo ba thetsa liphofu tsa bona e le hore ba li nkele chelete. Bo-ralipolotiki ba bang ba thetsa mabatooa a bona, ba ikemiselitse ho lula litulong ho sa tsotellehe se amehang. Batho ba bile baa ithetsa. Ho e-na le ho amohela linnete tse sa thabiseng, ba ikholisa hore ha ho kotsi ha ba tsoela pele ba etsa lintho tse kotsi joaloka ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi hampe kapa ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.Ho boetse ho na le thetso litabeng tsa bolumeli. Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba thetsa batho. Ka bathetsi bao, Jesu o ile a re: “Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.” (Matheu 15:14) Ho feta moo, batho ba ithetsa litabeng tsa bolumeli. Liproverbia 14:12 e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.”
Joaloka mehleng ea Jesu, kajeno ba bangata baa thetsoa litabeng tsa bolumeli, ’me ha ho makatse! Moapostola Pauluse o ile a re Satane ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea khanya.’—2 Bakorinthe 4:4.
Haeba re thetsoa ke moqhekelli, re lahleheloa ke chelete. Haeba re thetsoa ke ralipolotiki, sena se ka ’na sa etsa hore re lahleheloe ke tokoloho ea rōna e itseng. Empa haeba Satane a re thetsa hoo re hanang ’nete e mabapi le Jesu Kreste, re tla lahleheloa ke bophelo bo sa feleng! Kahoo, qoba ho thetsoa. Ka ho hloka leeme, hlahloba mohloli oa sebele oa ’nete ea bolumeli, e leng Bibele. Ha u sa etse joalo, u tla lahleheloa ke lintho tsa bohlokoa.—Johanne 17:3.