Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 7/15 leq. 32
  • Aletare ea Molimo ea se Nang Lebitso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aletare ea Molimo ea se Nang Lebitso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 7/15 leq. 32

Aletare ea Molimo ea se Nang Lebitso

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a etela Athene, Greece, hoo e ka bang ka 50 C.E. Ha a le moo, o ile a bona aletare e nehetsoeng ho molimo ea sa tsejoeng ’me hamorao o ile a bua ka eona ha a ntse a fana ka bopaki bo botle mabapi le Jehova.

Pauluse o ile a qala puo ea hae Leralleng la Mars, kapa Areopago, ka ho re: “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng. Ka mohlala, ha ke feta ’me ke shebisisa ka hloko lintho tsa lōna tse hlomphuoang ka borapeli ke ile ka boela ka fumana aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe ‘Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’ Ka hona seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, sena kea se phatlalatsa ho lōna.”—Liketso 17:22-31.

Le hoja aletare eo ea Athene e e-s’o fumanoe, lialetare tse tšoanang le eona li ne li le teng likarolong tse ling tsa Greece. Ka mohlala, Pausanias eo e leng setsebi sa jeokrafi sa Mogerike sa lekholong la bobeli la lilemo, o bua ka lialetare tsa “melimo e Bitsoang e sa Tsejoeng” tse Phaleron, haufi le Athene. (Description of Greece, Attica I, 4) Buka ena e bolela hore Olympia ho ne ho e-na le “aletare ea melimo e sa Tsejoeng.”—Eleia I, XIV, 8.

Bukeng ea hae e bitsoang The Life of Apollonius of Tyana (VI, III), mongoli oa Mogerike ea bitsoang Philostratus (oa hoo e ka bang ka 170 ho ea ho hoo e ka bang ka 245 C.E.) o boletse hore Athene “lialetare tse ling li haheloa ho hlompha melimo e sa tsejoeng.” Ho Lives of Philosophers (1.110), Diogenes Laertius (oa hoo e ka bang ka 200-250 C.E.) o ile a ngola hore “lialetare tse se nang mabitso” li ne li bonoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Athene.Baroma le bona ba ne ba hahela melimo e se nang mabitso lialetare. Setšoantšo sena ke sa aletare ea lekholong la pele kapa la bobeli la lilemo B.C.E. ’me e bolokiloe Palatine Antiquarium Roma, Italy. Mongolo oa eona oa Selatine o bontša hore aletare ena e ne e nehetsoe ho “molimo kapa molimotsana,” e leng polelo “e fumanehang khafetsa lithapelong kapa lipolelong tsa nehelo mengolong e fatiloeng kapa litabeng tse ngotsoeng libukeng.”

Ba bangata ba sa ntsane ba sa tsebe “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona.” Empa joalokaha Pauluse a ile a bolella Baathene, Molimo enoa—Jehova—‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’—Liketso 17:24, 27.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Altar: Soprintendenza Archeologica di Roma

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela