Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona haeba u ka arabela lipotso tse latelang:
• Ho rekolohela ke ho etsa’ng, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ho hlaolela?
Ke tsebo ea ho ipeha boemong ba motho e mong, joaloka ho utloa bohloko boo motho e mong a bo utloang. Bakreste ba eletsoa hore ba ‘bontše ho utloelana bohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le qenehelo.’ (1 Petrose 3:8) Jehova o re behetse mohlala oo re lokelang ho o latela ha re rekolohelana. (Pesaleme ea 103:14; Zakaria 2:8) Re ka ntlafatsa ho rekolohela ba bang ka ho mamela, ho shebella le ho nahana.—4/15, leqepheng la 24-6.
• Hore motho a fumane thabo ea ’nete, ke hobane’ng ha pholiso ea moea e lokela ho tla pele ho tharollo ea ho qetela ea kholofalo ’meleng?
Batho ba bangata ba phelang hantle ’meleng ha baa thaba, ba sithabelitsoe ke mathata. Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bangata bao kajeno ba holofetseng ’meleng ba thabile haholo ha ba sebeletsa Jehova. Ba ruang molemo pholisong ea moea ba tla fumana monyetla oa ho bona ho tlosoa ha kholofalo ’meleng lefatšeng le lecha.—5/1, leqepheng la 6-7.
• Ke hobane’ng ha Baheberu 12:16 e beha Esau sehlopheng se le seng le sehlola?
Tlaleho ea Bibele e bontša hore Esau o ile a bontša boikutlo ba kelello bo amehileng ka meputso ea hang-hang le ho hlokomoloha lintho tse halalelang. Haeba kajeno motho a lumella hore a be le boikutlo bo joalo ba kelello, bo ka lebisa sebeng se tebileng joaloka bohlola.—5/1, leqepheng la 10-11.
• Tertullian e ne e le mang, hona o ne a tumme ka eng?
E ne e le mongoli le setsebi sa thuto ea bolumeli ea ileng a phela lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E. O tumme ka ho ngola libuka tse ngata tse emelang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. Ha a ikemela, o ile a kenya likhopolo tse ngata le filosofi e ileng ea rala motheo oa lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli, tse kang Boraro-bo-bong.—5/15, leqepheng la 29-31.
• Ke hobane’ng ha liphatsa tsa lefutso li sa ikarabelle ka ho feletseng bakeng sa maloetse a batho, boitšoaro ba bona le lefu?
Bo-rasaense ba fihletse qeto ea hore kamoo ho bonahalang kateng maloetse a sa tšoaneng a bakoa ke liphatsa tsa lefutso, ’me ba bang ba lumela hore boitšoaro bo susumetsoa ke liphatsa tsa rōna tsa lefutso. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka leseli ka tšimoloho ea motho, ho kopanyelletsa le hore na sebe le ho se phethahale li kene joang bathong. Le hoja liphatsa tsa lefutso li phetha karolo e itseng ho laoleng botho ba rōna, ho se phethahale ha rōna le tikoloho eo re leng ho eona le tsona ke tšusumetso e khōlō.—6/1, leqepheng la 9-11.
• Sekhechana sa moqolo o entsoeng ka loli se fumanoeng Oxyrhynchus, Egepeta, se fana ka leseli lefe ka tšebeliso ea lebitso la Molimo?
Sekhechana sena sa Jobo 42:11, 12 sa Septuagint ea Segerike se na le Tetragrammaton (litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo). Bona ke bopaki bo eketsehileng ba hore lebitso la Molimo ka Seheberu le hlaha ho Septuagint, eo hangata e qotsoang ke bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste.—6/1, leqepheng la 30.
• Lintoa tse mabifi le tse bolaeang tsa bahlabani ’Musong oa Roma li tšoantšoa le lipapali life tsa kajeno tse shebelloang?
Pontšo e sa tsoa etsoa Lebaleng la Boithabiso le Roma, Italy, e ile ea hopotsa batho ka liketsahalo tsa kajeno tse tšoanang le lintoa tsena ka ho bontša likarolo tsa livideo tsa ho loantša lipoho ka lebaleng la lipapali, papali ea litebele, peiso ea likoloi le ea lithuthuthu le lintoa tsa bashebelli lipapaling tse ling tsa kajeno. Bakreste ba pele ba ne ba nka ka botebo hore Jehova ha a rate pefo kapa batho ba tletseng pefo, ’me ho joalo le ka Bakreste kajeno. (Pesaleme ea 11:5)—6/15, leqepheng la 29.
• Ha re ntse re loanela ho ba mesuoe e atlehang, re ka ithuta eng mohlaleng oa Esdrase?
Esdrase 7:10 e totobatsa lintho tse ’nè tseo Esdrase a neng a li etsa, lintho tseo re ka loanelang ho li etsisa. E re: “Esdrase o ne a [1] lokisitse pelo ea hae [2] hore a bale molao oa Jehova le ho [3] o phetha le [4] ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.”—7/1, leqepheng la 20.
• Ke maemong afe a mabeli moo mosali oa Mokreste a lokelang ho roala hloohong?
Bo bong bo hlaha ka lapeng. Ho roala ha hae hloohong ho bontša hore o amohela hore monna oa hae oa ikarabella hore a etelle pele thapelong le thupelong ea Bibele. Bo bong ke mesebetsing ea phutheho, moo a bontšang hore o amohela hore barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba laeloa ke Mangolo hore ba rute le ho fana ka tataiso. (1 Bakorinthe 11:3-10)—7/15, leqepheng la 26-7.
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba lumela hore yoga hase ho koetlisa ’mele feela le hore e kotsi?
Sepheo sa yoga e le tsela ea ho itaea ke ho etsa hore motho a kopane le moea o phahametseng matla a motho. Ho fapana le taelo ea Molimo, yoga e ama ho emisa ho nahana ho itlelang feela. (Baroma 12:1, 2) Yoga e ka pepesetsa motho likotsi tsa tšebelisano le meea le matla a phahametseng tlhaho. (Deuteronoma 18:10, 11)—8/1, leqepheng la 20-2.