Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 9/1 leq. 32
  • ‘Le Tšoarelane ka Bolokolohi’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Le Tšoarelane ka Bolokolohi’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 9/1 leq. 32

‘Le Tšoarelane ka Bolokolohi’

NA UA lumela hore Molimo o u tšoaretse libe? Ho bonahala eka United States, batho ba bangata ba baholo ba lumela hore ho joalo. Dr. Loren Toussaint, mohlophisi oa pele oa phuputso e ileng ea etsoa Univesithing ea Michigan Institute for Social Research, o tlaleha hore ho Maamerika a 1 423 ao ho ileng ha buisanoa le ’ona, hoo e ka bang batho ba etsang karolo ea 80 lekholong ho batho ba baholo ba ka holimo ho lilemo tse 45, ba bolela hore Molimo o ba tšoaretse libe.

Leha ho le joalo, hoa thahasellisa hore ebe ho bao ho ileng ha buisanoa le bona, ke ba etsang karolo ea 57 lekholong feela ba ileng ba bolela hore ba tšoarela ba bang. Lipalo-palo tsena li re hopotsa mantsoe a Jesu Thutong ea Thabeng: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.” (Matheu 6:14, 15) E, har’a tse ling, hore Molimo a re tšoarele libe ho itšetlehile ka hore na re ikemiselitse hakae ho tšoarela ba bang.

Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Kolose molao-motheo ona. O ile a ba phehella: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13) Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo ho etsa sena. Ka mohlala, haeba u bueloa mantsoe a se nang kelello kapa a hlabang, ho ka ba thata ho tšoarela motho ea a buang.

Ho sa tsotellehe sena, melemo ea ho tšoarela e mengata. Dr. David R. Williams, eo e leng setsebi sa kahisano, o ile a re ka phuputso ea hae: “Har’a Maamerika a lilemong tse bohareng le a seng a hōlile, re fumane kamano e matla ka ho khetheha pakeng tsa ho tšoarela ba bang le ho phela hantle kelellong.” Sena se tumellanong le mantsoe a Morena Solomone ea bohlale, eo lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng a ileng a ngola: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” (Liproverbia 14:30) Kaha ho tšoarela ho hōlisa likamano tse ntle le Molimo le baahelani ba rōna, re na le mabaka a utloahalang a ho batla ho tšoarelana ka bolokolohi ho tloha pelong.—Matheu 18:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela