“Hlalefa Bokamosong ba Hao”
“Batho ba bangata ha ba sa le banyenyane, ba etsa lintho tse tla ba sulafaletsa bophelo ha ba se ba hōlile.” Ho boletse joalo Jean de La Bruyère, sengoli sa Lefora sa meqoqo sa lekholong la bo17 la lilemo. Ke ’nete hore mocha ea qeaqeang a ka ’na a sitoa ho etsa liqeto, ’me a ikutloa a sa khotsofala a bile a llela metsotso. Ka lehlakoreng le leng, mocha ea manganga o tsitlella ho etsa lintho tsa booatla, tse mo amohang thabo hamorao bophelong. Sebe sa ho etsa ntho e itseng kapa sa ho hlōleha ho etsa ho itseng se ka lebisa tlokotsing e khōlō.
Tlokotsi eo e ka qojoa joang? Ha Lentsoe la Molimo le lemosa bacha ka ho qeaqea, le ba fa keletso ena: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’” (Moeklesia 12:1) Haeba u mocha, u se ke ua tsilatsila ho ithuta ka “’Mōpi oa hao e Moholo” u sa le monyenyane.
Joale Bibele e thusa bacha joang ho qoba bosaoana ba bocha? E re: “Mamela keletso ’me u amohele taeo, e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.” (Liproverbia 19:20) Bibele e boetse e hlakisa hore ho lahla bohlale ba bomolimo ka lebaka la ho se tsotelle kapa borabele ba lilemong tsa bocha kapa lilemong leha e le life, ho tlisa liphello tse babang. (Liproverbia 13:18) Ka lehlakoreng le leng, ho mamela litaelo tsa Molimo ho fella ka “bolelele ba matsatsi le lilemo tsa bophelo le khotso,” e leng bophelo bo monate le bo khotsofatsang.—Liproverbia 3:2.