Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 11/15 leq. 32
  • Boiteko bo Ntšetsang Pele Litekanyetso Tsa Boitšoaro bo Botle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boiteko bo Ntšetsang Pele Litekanyetso Tsa Boitšoaro bo Botle
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 11/15 leq. 32

Boiteko bo Ntšetsang Pele Litekanyetso Tsa Boitšoaro bo Botle

Qetellong ea selemo sa 2001, ba neng ba mametse phatlalatso ea seteishene sa sechaba sa Radio Mozambique, ba ile ba utloa tsebiso ena:

“Mopresidente oa Rephabliki ena o ne a etetse mehahong ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Maputo. O ile a khothalletsa phutheho ena ea bolumeli ho matlafatsa boiteko ba eona ba ho ntšetsa pele litekanyetso tsa boitšoaro bo botle ka malapeng le ba ho ruta batho ba baholo ka mananeo a eona a ho ithuta ho bala le ho ngola. Batho ba ka bang 10 000 ba se ba ruile molemo mananeong ao. Ho latela Mopresidente Chissano, mananeo a joaloka ana a lokela ho thoholetsoa kaha ke tlatsetso ea bohlokoa haholo sechabeng bakeng sa ho rarolla mathata a thuto ao naha ena e ntseng e tjamelane le ’ona.”

Tsebiso eo e ile ea tsoela pele ho pheta karolo ea puo ea mopresidente e tlalehiloeng ka mokhoa o latelang: “Ho re khothatsa haholo ho bona batho ba bangata ba thahasella ho bala le ho ngola. Sena se re bontša hore baahi ba tloaelehileng ba tla re thusa ho hlōla bothata ba lenane le tlaase la batho ba tsebang ho bala le ho ngola. Kahoo, ke rata feela ho khothalletsa Lipaki Tsa Jehova ho matlafatsa mananeo a tsona a ho bala le ho ngola, a puo leha e le efe. Ntho eo e hlileng e leng ea bohlokoa ke ho tseba ho bala le ho ngola le hore batho ba ka buisana ka mokhoa o bonolo haholoanyane ’me ka moso ba nka karolo e khōloanyane thutong.”

E le hore batho ba ka ipalla Lentsoe la Molimo, Lipaki Tsa Jehova Mozambique li na le lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola libakeng tse 850 naheng ka bophara. Ho ekelletsa moo, li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse sa lefelloeng tse 50 000 beke ka ’ngoe. Sena sohle ke karolo ea lenaneo la thuto ea Bibele la lefatše ka bophara leo hona joale le seng le finyeletse linaha tse 235. (Matheu 24:14) Le uena u ka rua molemo lenaneong lena. Ka kōpo, ikutloe u lokolohile ho ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela