Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/1 leq. 32
  • Nako e Molemo ea ho Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako e Molemo ea ho Phela
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/1 leq. 32

Nako e Molemo ea ho Phela

HA U le har’a liteko, na u ee u hopole “mohla monene”? Haeba ho joalo, hopola mantsoe a Morena Solomone ea bohlale a reng: “U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’ etsoe hase ka lebaka la bohlale u botsitseng ka sena.”—Moeklesia 7:10.

Ke hobane’ng ha Solomone a ile a fana ka keletso ee? Hobane o ne a tseba hore ho nahana ka lintho tse fetileng ho thusa motho hore a sebetsane ka katleho le mathata a kajeno. Ba hloloheloang “mohla monene” baa lebala hore le hona nakong eo, ho ne ho ntse ho e-na le mathata le likhathatso le hore ha ho mohla bophelo e kileng ea e-ba bo phethahetseng. Ho ka etsahala hore ebe lintho tse ling li ne li le molemonyana, empa mohlomong tse ling li ne li se molemo. Joalokaha Solomone a boletse, ha ho bohlale ho llela metsotso, kaha ho etsa joalo ke ho llela lebese le qhalaneng.

Na ho kotsi ho hloloheloa nako e fetileng? E, ho kotsi haeba ho re sitisa ho ea le maemo kapa ho re thibela ho ananela nako eo re phelang ho eona le ho fumana seo re se tšepisitsoeng.

Ha e le hantle, nako e molemo ea ho phela ke eona ena ho sa tsotellehe mathata a lefatše a ntseng a eketseha. Hobane’ng? Hobane haufinyane Molimo o tla phethahatsa morero oa hae mabapi le lefatše ’me a tlise mahlohonolo a puso ea khotso ea ’Muso oa hae. Bibele ea tšepisa e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ka nako eo, maemo a tla be a le molemo haholo hoo ho ke keng ha e-ba le lebaka la ho hopola “mohla monene.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela