“Banna ba Bararo ba Bohlale”—E ne e le Bo-mang?
Hangata litšoantšong tsa tsoalo ea Jesu ho na le banna ba bararo ba apereng liaparo tse telele ba tsamaeang ka likamele, ba fihlang setaleng moo ngoana Jesu a robetseng sejelong. Baeti bana ba apereng liaparo tse majabajaba hangata ba bitsoa banna ba bararo ba bohlale. Bibele e re’ng ka bona?
Ho ea ka Bibele banna bana bao ho thoeng ba bohlale ba ne ba tsoa “likarolong tse ka bochabela,” ’me ba ne ba tsebile ka tsoalo ea Jesu ba le moo. (Matheu 2:1, 2, 9) E tlameha ebe banna bana ba ile ba tsamaea nako e telele ho ea Judea. Qetellong ha ba fumana Jesu, e ne e se e se lesea le ka sejelong. Ho e-na le hoo, banna bana ba ile ba fumana Maria le ‘ngoana e monyenyane’ ba se ba lula ka tlung.—Matheu 2:11.
Bibele e bitsa banna bana “linohe tsa linaleli,” ’me ha e bolele hore na ba ne ba le bakae. The Oxford Companion to the Bible e re: “Taba ea hore boselamose bo amana le bonohe ba linaleli e bontšoa ke hore baeti bana ba ile ba thahasella naleli e ileng ea ba tlisa Bethlehema.” Bibele e nyatsa ka ho hlaka mefuta eohle ea boselamose le mekhoa ea Bababylona ea ho batla boitsebiso linaleling.—Deuteronoma 18:10-12; Esaia 47:13.
Boitsebiso boo banna bana ba ileng ba bo fumana ha boa ka ba e-ba le liphello tse molemo. Bo ile ba etsa hore Morena Heroda ea khopo a halefe ka lebaka la mōna. Sena se ile sa fella ka hore Josefa, Maria le Jesu ba balehele Egepeta ’me bana bohle ba batona ba Bethlehema “ho tloha ho ba lilemo tse peli le ka tlaase” ba bolaoe. Heroda o ile a hlahloba ka hloko nako eo Jesu a tsoetsoeng ka eona ka seo a se boleletsoeng ke linohe tsa linaleli. (Matheu 2:16) Kaha ketelo ea bona e ile ea baka mahlomola, hoa utloahala ho phetha ka hore naleli eo ba e boneng le molaetsa oa “ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda” li ne li tsoa ho sera sa Molimo e leng Satane Diabolose, ea neng a batla ho bolaea Jesu.—Matheu 2:1, 2.