Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/1 leq. 32
  • “Ke Fumane Sohle Seo ke se Hlokang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Fumane Sohle Seo ke se Hlokang”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/1 leq. 32

“Ke Fumane Sohle Seo ke se Hlokang”

HO EA ka tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ho hakanyetsoa hore lefatšeng ka bophara batho ba ka bang limilione tse 120 ba tepeletse maikutlo. Selemo le selemo, batho ba milione baa ipolaea ’me ba pakeng tsa limilione tse 10 le 20 ba leka ho ipolaea. Ba tepeletseng maikutlo ba ka thusoa ke’ng? Meriana e ka ’na ea fokotsa bohloko, ’me ho hlokahala hore ba tšehetsoe maikutlong. Ho feta moo, ba bang ba tepeletseng maikutlo ba fumane thuso e eketsehileng ho lingoliloeng tse molemo tse thehiloeng Bibeleng tsa Lipaki Tsa Jehova, joalokaha lengolo lena le tsoang Fora le bontša.

“Hase khale ha ke ne ke sa bone bohlokoa ba ho phela. Ke ile ka rapela Molimo hore ke mpe ke shoe. E ne eka ke shoele. Ke ile ka rapela Jehova ka tieo ke kōpa tataiso. Hape ke ile ka etsa qeto ea ho bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002 ’me ka e qeta ka matsatsi a mararo. Ka sebele e ile ea nkhothatsa haholo ’me ea matlafatsa tumelo ea ka.

“Ke ile ka etsa lipatlisiso makasineng ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, ’me ke ile ka makatsoa ke seo ke ileng ka se fumana! Ke ’nile ka bala limakasine tsena kamehla ka lilemo tse fetang 15, empa ho ne ho se mohla nkileng ka lemoha kamoo li khothatsang le ho matlafatsa kateng. Li tletse lerato—le haellang matsatsing ana. Ke fumane sohle seo ke se hlokang.”

Bibele e re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ha ho pelaelo hore bohle ba “lipelo li robehileng” kapa “ba sithabetseng moeeng” ba ka fumana khothatso le tšepo bakeng sa bokamoso ka Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li aba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho thusa ba hlokang hore ba rue molemo mohloling ona oa matšeliso o bululetsoeng ke Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela