Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho na le se ka etsoang haeba Mokreste ea tlotsitsoeng ea kulang a sitoa ho ba teng ha phutheho e keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
E. Ho na le se ka etsoang ’me ho bohlokoa ho nahanela boemo ba Mokreste ea tlotsitsoeng ea kulang ’me mohlomong a sa tsohe liphateng ’me a sitoa ho ba teng ha phutheho e keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Tabeng e joalo, sehlopha sa baholo se ka hlophisa hore moholo kapa monna e mong ea hōlileng tsebong oa Mokreste a isetse motlotsuoa enoa bohobe le veine tsa tšoantšetso hona bosiung boo pele letsatsi le chaba.
Ho itšetlehile ka maemo, moholo enoa kapa mor’abo rōna a ka fana ka puo e khutšoanyane ’me a bala mangolo a loketseng. A ka latela mohlala o behiloeng ke Jesu ha A ne a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ka mohlala, a ka ’na a bala Matheu 26:26 ’me a fetisa bohobe bo sa lomosoang ka mor’a thapelo. Ka mor’a moo, a ka bala Matheu khaolo ea 26, temana ea 27 le ea 28, ’me a fetisa veine ka mor’a thapelo e ’ngoe. A ka hlalosa ka bokhutšoanyane se emeloang ke bohobe le veine ’me ho koaloe ka thapelo.
Ho hlakile hore re lokela ho etsa boiteko ba ho ba teng ha phutheho e keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Empa ho ka etsoa’ng boemong bo sa tloaelehang boo ho bona Mokreste ea tlotsitsoeng ea kulang haholo, ea sepetlele, kapa ea nang le bothata bo bong a sitoa ho keteka Sehopotso ka mor’a ho likela ha letsatsi ka la 14 Nisane? Motlotsuoa eo a ka etsisa mohlala oa se neng se etsoa Molaong oa Moshe ’me a se keteke boinotšing matsatsi a 30 hamorao.—Numere 9:9-14.