U Mengoa ka Mofuthu
SEJO sa Morena sa Mantsiboea, seo Morena Jesu Kreste a ileng a se theha lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, hase ketsahalo feela tjee e tummeng ea khale. Haesale se thehoa, se bile le phello e matla haholo bathong. Batho ba bangata ba susumetsoa ke seo ba se balang ka Likosepeleng mabapi le se ileng sa etsahala bosiung boo, ka lebaka leo, ba ’nile ba leka ho ikhopotsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka litsela tse sa tšoaneng.
Hoa utloahala ha batho ba thahasella Sejo sa Morena sa Mantsiboea hobane Jesu Kreste ka boeena o ile a laela hore balateli ba hae ba keteke ketsahalo ena le hore ba etse sena kamehla. O ile a bua ka ho toba a re ho bona: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—Luka 22:19; 1 Bakorinthe 11:23-25.
Ha e le hantle, e le hore mokete ona o tle o be molemo e le kannete, motho o lokela ho utloisisa hore na morero oa oona ke ofe joalokaha o boletsoe ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ho phaella moo, ke habohlokoa ho tseba hore na Bibele e re ketsahalo ena e lokela ho ketekoa neng le hona ka tsela efe.
Tumellanong le taelo ea Jesu, Lipaki Tsa Jehova li tla bokana lefatšeng lohle shoalaneng ea Laboraro la la 16 April, 2003, ho ikhopotsa lefu la Jesu. E tla ba nako ea hore li hlahlobe Mangolo le ho nchafatsa tumelo ea tsona le lerato la tsona ho Morena Jesu Kreste ea ileng a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) U mengoa ka mofuthu hore u bokane le tsona shoalaneng eo e le hore le uena u ka matlafatsa tumelo ea hao le lerato la hao ho Jesu Kreste le Ntate oa leholimo, Jehova Molimo.