Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/15 leq. 32
  • Na ke Tloaelo Feela Kapa ke ho Ntša Tjotjo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Tloaelo Feela Kapa ke ho Ntša Tjotjo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/15 leq. 32

Na ke Tloaelo Feela Kapa ke ho Ntša Tjotjo?

LIKOLECHENG tse ling tsa Poland, ho tloaelehile hore liithuti li ntše chelete ea ho rekela matichere limpho, ka tšepo ea hore li fetisoe hantle litlhahlobong. Ka lebaka lena, Mokreste e monyenyane ea bitsoang Katarzyna o ile a tobana le bothata. O ile a ipotsa, “Ke ntše chelete ee kapa ke se ke ka e ntša?” Liithuti-’moho le eena li ile tsa beha lebaka le reng: “Ke ntho e tloaelehileng. Ha u senyeheloe ke letho, empa e ka u ntša le botleng, u belaetsoa ke eng?”

Katarzyna oa lumela, o re: “Nke ke ka latola hore selemong sa pele le ’na ke ile ka ntša chelete. Hamorao ke ile ka lemoha hore ka tsela ena ke kentse letsoho ha ho ntšoa tjotjo, e leng ntho eo Bibele e e nyatsang.” O ile a hopola mangolo a neng a bontša hore Jehova o hloile tjotjo. (Deuteronoma 10:17; 16:19; 2 Likronike 19:7) Katarzyna o re: “Ke ile ka utloisisa hore ho bonolo haholo ho inehela khatellong ea lithaka. Ke ile ka inahana ’me ho tloha nakong eo, ha kea ka ka hlola ke kopanela tloaelong ena.” Ka lilemo tse tharo tse fetileng, ho sa tsotellehe ho songoa ke liithuti tse ling, o ile a hlalosetsa tse ling hore ka lebaka la tumelo ea hae Bibeleng, ha a batle ho kenya letsoho ha ho ntšoa chelete ena ea “mpho.”

Liithuti tse ling li ile tsa nyatsa Katarzyna ka ho re ke moithati le hore ha a tsotelle batho ba bang. O re: “Liithuti tse ling li ntse li nkukile hampe. Leha ho le joalo, se nthabisang ke hore tse ngata li hlompha maikutlo a ka.” Katarzyna o ile a tsejoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, tse bolokang melao ea Bibele bophelong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela