Matšeliso Bakeng sa ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso
BIBELE hase buka e rutang ka mafu a kelello. Leha ho le joalo, e re fa matšeliso le ho re thusa ho thabela bophelo ho sa tsotellehe likhathatso tse re hlahelang. Ka botšepehi Mangolo a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Liteko tse ling tsa rōna li bakoa ke hore ha rea phethahala. Empa ke mang eo haholo-holo a ikarabellang ka mahlomola a batho?
Bibele e mo bitsa moea o khopo o bitsoang Diabolose le Satane. O ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona’ ’me o baka mathata a mangata a hlasetseng batho. Leha ho le joalo, Bibele e boetse e re bolella hore nako ea hae ea fela. (Tšenolo 12:9, 12) Haufinyane Molimo o tla kenella ho felisa mahlomola ’ohle ao Satane a a tliselitseng baahi ba lefatše. Ho latela Bibele, lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisang le tla felisa ho felloa ke tšepo le ho tsieleha.—2 Petrose 3:13.
Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore mahlomola a batho a tla fela! Pusong ea ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla busoa ke Jesu Kreste, ho hloka toka le mahlomola li tla fela. Mabapi le Morena ea khethiloeng ke Molimo, Mangolo a re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Nako ea hore mantsoe ana a boprofeta a phethahale, e haufi haholo. Re tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a maemo a babatsehang. (Luka 23:43; Johanne 17:3) Ho tseba litšepiso tsena tse tšelisang tsa Mangolo ho fana ka tšepo le matšeliso ho ba hoeletsang ba kōpa thuso.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Depressed girl: Photo ILO/J. Maillard