Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 10/1 leq. 32
  • Na u “Raha Litsenene”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u “Raha Litsenene”?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 10/1 leq. 32

Na u “Raha Litsenene”?

MEHLENG ea Bibele, tsenene ea likhomo—eo e neng e le thupa e telele, e neng e atisa ho kenngoa tšepe e nchocho—e ne e sebelisetsoa ho khanna le ho qhoba lipelesa. Haeba ka manganga phoofolo e ne e satalla ha e hlajoa ka tsenene, e e raha, ho ne ho tla etsahala’ng? Ho e-na le ho itopolla, ha ho potang hore e ne e ikutloisa bohloko feela.

Jesu Kreste ea tsositsoeng o ile a bua ka litsenene ha a ne a hlaha ho monna ea bitsoang Saule, ea neng a le tseleng ea ho ea tšoara ba bang ba barutuoa ba Jesu. Saule o ile a utloa Jesu a bua a le har’a khanya e fahlang, a re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.” Ka ho hlekefetsa Bakreste, Saule o ne a hlile a loantša Molimo, a nkile tsela e neng e tla fella feela ka ho mo lematsa.—Liketso 26:14.

Na le rōna re ka iphumana re “raha litsenene” re sa ikemisetsa? Bibele e tšoantša “mantsoe a ba bohlale” le litsenene tsa likhomo tse re khannang hore re ’ne re tsoele pele ho tsamaea ka tsela e nepahetseng. (Moeklesia 12:11) Keletso e bululetsoeng e ka Lentsoeng la Molimo e ka re susumetsa le ho re tataisa ka nepo—haeba re e lumella. (2 Timothea 3:16) Ho ngangella le ha re utloa hore ea re hlaba ho ka fella feela ka ho re lematsa.

Saule o ile a nka mantsoe a Jesu ka ho teba, a tlohela tsela eo a neng a e nkile, eaba o fetoha Mokreste ea ratehang, e leng moapostola Pauluse. Ka ho tšoanang, ha re ela hloko temoso ea Molimo, hoo ho tla re tlisetsa mahlohonolo a sa feleng.—Liproverbia 3:1-6.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

L. Chapons/Illustrirte Familien-Bibel nach der deutschen Uebersetzung Dr. Martin Luthers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela