Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 11/15 leq. 32
  • Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao la ka Moso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao la ka Moso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 11/15 leq. 32

Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao la ka Moso

HAEBA u ka khona, bona ka mahlo a kelello, lefatše le se nang likebekoa! Ho tla be ho se ho sa hlokahale mapolesa, literonko, kapa litsela tsa toka tsa ho sebetsana le tlōlo ea molao, tse bitsang chelete e ngata le tse rarahaneng. E tla be e le lefatše leo ho lona motho e mong le e mong a tla beng a hlompha bophelo le thepa ea batho ba bang. Na eo ke taba e bonahalang eka e ke ke ea khoneha? U ka ’na ua nahana joalo, empa ntlafatso ena e hlollang ke sona hantle seo Bibele e se tšepisang. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo Mangolo a se bolelang esale pele mabapi le se tla etsahala ka tlōlo ea molao le ka lintho tse ling tse mpe tse holim’a lefatše lee?

Bukeng ea Lipesaleme, re bala mantsoe a reng: “U se ke ua iponahatsa u halefile ka lebaka la baetsi ba bobe. U se ke ua honohela ba etsang ho sa lokang. Etsoe ba tla pona ka potlako joaloka joang, ba tla nyamela joaloka joang bo bocha bo botala. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:1, 2, 11) Ka sebele, ha ho motho ea ka thibelang Molimo ho phethahatsa tšepiso ena le litšepiso tse ling tsohle tsa hae tse khothatsang.

Molimo o tla tlisa litlhohonolofatso tsena ka ’Muso oa hae. Thapelong ea Morena, Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae ho rapella ’Muso ona hore o tle le hore thato ea Molimo e “etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Ho se ho se hokae, tlas’a ’Muso oo ha ho sa tla ba le motho ea tla ikutloa a tlameha ho etsa tlōlo ea molao ka lebaka la bofutsana, la khatello kapa ka lebaka la boithati. Ho fapana le moo, Lentsoe la Molimo le re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” (Pesaleme ea 72:16) Ka sebele, Jehova Molimo o tla fa e mong le e mong ea lefatšeng lintho tse ntle ka ho sa feleng. Ntho ea bohlokoa haholo, moloko oa batho o tla be o phela ka ho rata Molimo le moahelani, ebile tlōlo ea molao e ke ke ea hlola e tšoenya lefatše.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela