Na U Hlaolela ho Hlolloa?
NA U hlokometse hore khafetsa bangoli ba Bibele ba etsa hore motho a hlolloe ha ba bua ka mesebetsi ea Molimo le litšobotsi tsa hae? Mopesaleme o ile a phatlalatsa a re: “Ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14) Moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Jehova, u Molimo oa ka. Kea u phahamisa, ke roka lebitso la hao, etsoe u entse lintho tse hlollang.” (Esaia 25:1) Kapa nahana kamoo mantsoe a moapostola Pauluse a bontšang ho hlolloa le ho tsota kateng, ha a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!”—Baroma 11:33.
The Oxford Encyclopedic English Dictionary e hlalosa “ho hlolloa” e le “boikutlo boo motho a bang le bona ka lebaka la ntho e sa lebelloang, e sa tloaelehang, kapa e sa hlaloseheng, haholo-holo ho makala ho kopaneng le ho tsota kapa takatso ea ho batla ho tseba ntho e itseng joalo-joalo.”
Na ha ho thabise ho bona kamoo bana ba banyenyane ba hlolloang kateng ha ka lekhetlo la pele ba bona, ba ama, kapa ba utloa ntho e itseng e ncha ho bona? Ka masoabi, hangata ho hlolloa ho joalo ho bakoang ke takatso ea ho batla ho tseba lintho tse ncha, hoa qepha ha motho a ntse a hōla.
Leha ho le joalo, ho hlolloa e ne e le karolo ea botho ba bangoli ba Bibele bao ho qotsitsoeng mantsoe a bona. Ba ile ba ’na ba hlolloa ka lilemo-lemo. Hobane’ng? Hobane ba ile ba hlaolela ho hlolloa ka hore ba thuise ka kananelo ka mesebetsi ea Molimo. Mopesaleme o ile a rapela a re: “Ke hopola litšiu tsa boholo-holo, ke lohotha liketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ea matsoho a hao.”—Pesaleme ea 143:5, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Ka sebele hoa babatseha hore ebe barapeli ba Molimo kajeno baa hlolloa! Na ua hlolloa? Na ua ho hlaolela?