Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/1 leq. 32
  • Na Tumelo e ka Phekola Mokuli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tumelo e ka Phekola Mokuli?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/1 leq. 32

Na Tumelo e ka Phekola Mokuli?

HA RE kula, re batla ho imolloa le ho phekoloa. Ho ka etsahala hore ebe ua tseba hore Bibele e re khafetsa Jesu Kreste o ne a phekola maloetse a mefuta eohle le ho imolla batho ba bangata ba kulang. O ne a phekola batho ba joalo joang? Bibele e re o ne a ba phekola ka ‘matla a Molimo.’ (Luka 9:42, 43; Liketso 19:11, 12) Kahoo, e ne e le moea o halalelang o tsoang ho Molimo o neng o phekola, eseng feela hore motho o ne a phekoloa ke tumelo ea hae. (Liketso 28:7-9) Ke ka lebaka leo Jesu a sa kang a batla hore batho ba kulang ba bolele hore ba lumela ho eena e le hore ba phekoloe.

U ka ’na ua ipotsa hore, ‘Na ho phekola ka mohlolo ke ntho ea nakong e fetileng feela, kapa na batho ba tla ke ba boele ba phekoloe ka tsela eo Jesu a neng a phekola ka eona? Ho na le tšepo efe bakeng sa batho ba mahlomoleng a bakoang ke maloetse a bohloko kapa a sa phekoleheng?’

Bibele e hlalosa hore lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka, matla a Molimo a tla boela a etsa hore batho ba phekoloe ka tsela ea mohlolo e tšoanang le eo Jesu a neng a phekola ka eona ha a sa le lefatšeng. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u bontša hore na ke joang Molimo a tlang ho etsa seo ho seng motho leha e le ofe ea reng o folisa ka tumelo a ka khonang ho se etsa, li be li u bontše hore na o tla etsa seo neng—e leng ho felisa maloetse ’ohle, hammoho le lefu. Ka sebele Molimo “o tla metsa lefu ka ho sa feleng.”—Esaia 25:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela