Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/15 leq. 3
  • Na Thato ea Molimo ea Etsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Thato ea Molimo ea Etsoa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala​—⁠Karolo ea I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Morena, re Rute ho Rapela”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na Re Lokela ho Rapela Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/15 leq. 3

Na Thato ea Molimo ea Etsoa?

“Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:10.

JULIO le Christina ba ne ba harohile matsoalo ha ba shebelletse bana ba bona ba bane ba cha ho fihlela ba shoa. Koloi ea bona e neng e emisitsoe ka thōko ho tsela e ile ea thuloa ke mokhanni e mong ea neng a tahiloe, eaba ea tuka. Ngoana oa bona oa bohlano, Marcos, o ile a pholosoa khanareng eo e hlenneng ea mollo, empa malakabe a ne a mo chesitse ’meleng, a mo sentse sebōpeho hoo a neng a ke ke a hlola a loka. O ne a le lilemo li robong. Ntat’ae o ne a saretsoe habohloko. O ile a itšelisa a ba a khothatsa le lelapa la hae ka ho re: “Re tlameha ho utloisisa hore ena ke thato ea Molimo, ho sa tsotellehe hore na e re tlisetsa tse monate kapa tse bohloko.”

Batho ba bangata ba bua joalo ha ba etsahalloa ke lintho tse bohloko joalo. Ba nahana hore ‘haeba Molimo o matla ’ohle ebile oa re tsotella, se etsahetseng e lokela ebe ka tsela e itseng se molemong oa rōna, le hoja ho le thata ho se utloisisa.’ Na u lumellana le bona?

Boikutlo ba hore eng kapa eng e etsahalang, ebang e monate kapa e bohloko, e bontša thato ea Molimo, hangata bo thehiloe mantsoeng a Jesu, a fumanoang ho se bitsoang Thapelo ea Morena e qotsitsoeng ka holimo. Thato ea Molimo ea etsoa leholimong, na ha ho joalo? Ha re rapela re re, ‘Thato ea hao e etsoe lefatšeng,’ na ha re lumellane le hore se etsahalang lefatšeng ke thato ea Molimo?

Boikutlo bona bo ferekanya batho ba bangata. Bo etsa hore ba nke Molimo e le ea sa nahaneleng maikutlo a batho bao a ba bōpileng. Ba re, ‘Molimo ea lerato a ka batla hore batho ba se nang molato ba hlaheloe ke ntho e tšabehang joalo joang? Haeba ho na le thuto eo re ka ithutang eona, ekaba thuto eo ke efe?’ Mohlomong u ikutloa joalo.

Tabeng ena morutuoa Jakobo, mor’abo Jesu ka ’m’a bona o ile a ngola mantsoe a reng: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Molimo hase mohloli oa lintho tse mpe. Kahoo, ho hlakile hore hase lintho tsohle tse etsahalang lefatšeng tseo e leng thato ea Molimo. Mangolo a boetse a bua ka thato ea motho, thato ea lichaba esita le thato ea Diabolose. (Johanne 1:13; 2 Timothea 2:26; 1 Petrose 4:3) Na ua lumela hore se hlahetseng lelapa la Julio le Christina e ne e ke ke ea e-ba thato ea Ntate ea lerato oa leholimo?

Kahoo, Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: ‘Thato ea hao e etsoe’? Na Jesu o ne a mpa a kōpa Molimo feela hore a kenelle maemong a itseng, kapa na o ne a re ruta ho rapella ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane le e molemo ho feta eo, e leng phetoho eo batho bohle ba ka tšepang hore e tla etsahala? A re hlahlobeng ka ho eketsehileng seo Bibele e se buang.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

Car: Dominique Faget-STF/AFP/Getty Images; child: FAO photo/B. Imevbore

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela