Bibele e Ile ea mo Thusa Hore a Hanele Moleko
Meleko e mengata lefatšeng kajeno. Ho khomarela litekanyetso tsa Bibele ha ho bonolo. Ka mohlala, e ka ’na ea e-ba bothata ho mamela keletso ea Bibele e reng: “Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18.
E mong oa Lipaki Tsa Jehova, eo re tla mo bitsa Sebastian, o ne a sebetsa k’hamphaning ea Scandinavia Poland. O ile a lokela ho loana ntoa e thata e le hore a lule a tšepahala.
Basebetsi-’moho le Sebastian ba ile ba mo tseba e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Baokameli ba hae, ba ratile tsela eo a neng a le mahlahahlaha ka eona le botho ba hae bo botle, ba ile ba mo putsa ka ho mo fa maemo a itseng mosebetsing. Leha ho le joalo, hamorao maemo ao a ne a tla akarelletsa ho ba teng libokeng tsa khoebo tseo ho tsona ho neng ho ameha boithabiso bo belaetsang.
Kapele Sebastian o ile a qala ho belaela. “Mong’a ka oa tseba hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ka lebaka leo a ntšepang a bileng a itšetlehileng ka ’na. Haeba ke hana ho kopanela le bona, ke tla lahleheloa ke mosebetsi, o fumanehang ka thata. Empa ho tla ba joang haeba ke sa kopanele le bona, ke shebella feela?”
Joale Sebastian o ile a tseba ka ho eketsehileng hore na ho ne ho lebeletsoe hore a etse’ng. Ho ne ho lebeletsoe hore a “hlokomele” hore bo-rakhoebo ba banna ba tsoang ka ntle ho naha ba fumana “matekatse” ao ba neng ba tla ba le ’ona bosiu bakeng sa boitšoaro bo litšila. O ne a tla etsa’ng?
Sebastian o ile a etsa qeto ea ho hopotsa mookameli oa hae ka boikutlo ba hae bo thehiloeng Bibeleng bo mabapi le boitšoaro bo litšila. Nakoana hamorao ho ile ha hlaka hore mosebetsi oo o ne o sa lokela Sebastian ’me qetellong o ne a tla tlameha ho o tlohela. O ile a fumana mosebetsi o mong o neng o mo lefa moputso o monyenyane, empa o se na meleko e joalo ea boitšoaro bo litšila. Joale o na le letsoalo le hloekileng.
U ne u tla etsa’ng haeba motho e mong a ne a u hatella hore u kopanele boitšoarong bo bobe kapa u bo lumelle? Na u ne u tla ikemisetsa ho etsa ntho e fapaneng hōle le eo? Ke seo Josefa oa baholo-holo a ileng a se etsa, joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 39:7-12.