Pheko Bakeng sa Bophelo bo Bolelele le bo Thabileng
BATHO ba bang ba re motho e mong le e mong o batla ho hōla; empa ha ho motho ea batlang ho tsofala. Batho ba bangata ba seng ba le haufi le ho tlohela mosebetsi ba lebella ka thabo nako ea ha ba tla be ba e-na le nako e ngata le boikarabelo bo fokolang. Leha ho le joalo, ba tšaba ho fetoha batho ba phelang ba se na morero le ba se nang thuso. Ba boetse ba tšaba ho iphumana ba le bang, ba sa thaba ba bile ba fokolloa ke bophelo.
Kahoo, sephiri sa bophelo bo thabileng ke sefe? Metsoalle e molemo le lelapa le bontšang lerato li ka thusa ho etsa hore batho ba banyenyane le ba baholo ba thabe. Empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hase seo batho ba bang ba se etsang bophelong ba motho ea hōlileng. Sa bohlokoa ka ho fetisisa ke seo motho ea hōlileng a ka se etsetsang ba bang.
Phuputso ea nako e telele e entsoeng ho banyalani ba hōlileng ba 423 e bontšitse hore “ho thusa batho ba bang ho ka thusa ho lelefatsa bophelo ba rōna.” Stephanie Brown, ea entseng phuputso ena, oa hlalosa: “Lintho tse fumanoeng phuputsong ena li bontša hore ntho ea bohlokoa hase hore na re fumana eng setsoalleng sa rōna le batho ba bang; empa habohlokoa ke hore na re fana ka eng.” Ho fana ka tsela eo ho ka ’na ha akarelletsa ho thusa ba bang ka mosebetsi oa ka tlung, ho hlokomela bana, ho phethela ba bang mabaka, ho lokisetsa lipalangoang, kapa ho mamela motho e mong ha a batla ho bua.
Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, Jesu Kreste o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Pheko bakeng sa bophelo bo bolelele le bo thabileng hase ho ba le chelete e ngata bankeng kapa ho sebelisa liphekolo tse thibelang botsofali le lijo tse khethehileng. Ho e-na le hoo, e akarelletsa hore motho a lule a le mafolofolo ’me a fane ka nako ea hae, le matla ho entša bophelo ba batho ba bang.
Leha ho le joalo, ho fana feela ho ke ke ha thibela hore re se ke ra tsofala, ra kula kapa ra shoa. Ke ’Muso oa Molimo feela o tla felisa lintho tsena. Tlas’a puso ea oona, ho kula ho tla be ho felile esita le “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:3, 4; Esaia 33:24) Ha e le hantle, batho ba mamelang ba tla phela ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43) Lipaki Tsa Jehova li thabela ho fa ba bang pheko ena e thehiloeng Bibeleng ea ho ba le bophelo bo bolelele le bo thabileng.