Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 8/15 leq. 32
  • “Ke Ntho e Molemohali eo U ka e Etsang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Ntho e Molemohali eo U ka e Etsang”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 8/15 leq. 32

“Ke Ntho e Molemohali eo U ka e Etsang”

ALEXIS ke moshanyana ea lilemo li hlano ea lulang motseng oa Morelia, Mexico, eo batsoali ba hae ba ithutang Bibele ba bileng ba bang teng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha a ne a ile kopanong e ’ngoe ea potoloho le lelapa labo, o ile a shebella pontšo e buang ka ho bolela ka ntlo le ntlo. Hang hoba a e bone o ile a retelehela ho ntat’ae eaba o re ho eena: “Ntate, Ntate, ke hobane’ng ha u sa tsoe ho ea bolela?” Ntat’ae o ile a mo araba ka ho re, “Ke sa ntse ke ithuta e le hore nka ea bolela.” Alexis o ile a mo araba ka cheseho a re, “Ntate, [eo] ke ntho e molemohali eo u ka e etsang.”

Ngoana enoa e monyenyane o ile a bona hore hoa hlokahala hore a etse lintho tumellanong le tsebo eo a nang le eona ka Jehova. Kaha bana ba moholoane oa ’m’ae ba lula ntlong e le ’ngoe le eena, o ile a qala ka ho rapela Jehova eaba o bua le bona ka seo batsoali ba hae ba mo thusitseng ho ithuta sona Bukeng ea ka ea Lipale tsa Bibele. Le hoja Alexis a ne a e-s’o tsebe ho bala, lintho tse ka har’a buka eo o ne a li tseba hantle ka litšoantšo tse hlalosang lipale tseo. O ile a ba a re o batla ho etela batho malapeng a bona e le hore a ka ba bolella seo a neng a ithuta sona ka merero ea Molimo.

Ka sebele, ba baholo le ba banyenyane ba ka etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le seo Jehova, “Mohalaleli,” a lebelletseng hore ba se etse ’me kahoo, ba ka ba le tokelo e khōlōhali ea ho mo pakela har’a lichaba. (Esaia 43:3; Matheu 21:16) Ntle ho tika-tiko, eo ke e ’ngoe ea lintho tse molemohali tseo motho a ka li etsang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela