Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/15 leq. 32
  • Na U Labalabela Lefatše le Hlokang Tšabo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Labalabela Lefatše le Hlokang Tšabo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/15 leq. 32

Na U Labalabela Lefatše le Hlokang Tšabo?

“Re phela ‘boemong ba ho khathatseha haholo ba ho lula re falimehile le . . . ba ho se tsebe mohato o loketseng,’ bo bakoang ke ‘kotsi e sa hlaloseheng hantle . . . e ka ’nang ea re tsometsa neng kapa neng ka tsela leha e le efe.’”

MANTSOE ana, a ileng a qotsoa selemong se fetileng makasineng ea Newsweek, a bontša maikutlo a batho ba bangata ba phelang lefatšeng la kajeno le merusu. Jesu Kreste o ile a bontša hore maikutlo a joalo a ne a tla mpefala haufinyane. O ile a bolela esale pele ka nako ea ha ho ne ho tla ba le matšoenyeho har’a lichaba hoo li neng li se na ho tseba tsela ’me batho ba ne ba tla ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore rōna re tšabe kapa re ikutloe re sa tsebe hore na re nke mohato ofe, kaha Jesu o ile a eketsa ka ho re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”—Luka 21:25-28.

Ha Jehova Molimo a hlalosa boemo ba bophelo ba batho ba hae lefatšeng ka mor’a topollo eo o re: “Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.” (Esaia 32:18) A sebelisa moprofeta Mikea, Jehova o ile a re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.

Maemo ao a fapane le a bophelo ba kajeno hakaakang! Moloko oa batho o ke ke oa tšoha ho tsometsoa ke kotsi eo o sa e tsebeng. Ho fapana le boemo ba ho khathatseha haholo ba ho lula re falimehile le ba ho se tsebe hore na re nke mohato ofe, ho tla ba le khotso le thabo tse sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela