Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/15 leq. 32
  • ‘Ke Thabela Koetliso eo ke e Fumaneng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ke Thabela Koetliso eo ke e Fumaneng’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/15 leq. 32

‘Ke Thabela Koetliso eo ke e Fumaneng’

NGOANA e mong ea bitsoang Kazuna o ile a makala haholo ha tichere ea hae e mo bolella hore a kenele tlhōlisano ea ho fana ka puo ka Senyesemane. Tlhōlisano ena e ne e kenetsoe ke likolo tsohle tse phahameng tse sehlekehlekeng se seholo sa Japane se ka leboea sa Hokkaido, empa ho ne ho se mohla sekolo sa habo se kileng sa ngolisa seithuti hore se kenele tlhōlisano ena. Ka letsatsi la tlhōlisano, Kazuna o ne a tšohile hobane o ne a tlameha ho hlōlisana le liithuti tse ling tse 50. O ile a tšoha le ho feta ha a bona baahloli ba babeli bao puo ea bona e neng e le Senyesemane.

Ho ile ha phatlalatsoa ba hlōtseng, ha qaloa ka ea hapileng moputso o tlaase. Eitse qetellong ha ho bitsoa lebitso la Kazuna, o ile a makala. Eena hammoho le tichere ea hae, e neng e lutse pel’a hae, ba ile ba shebana ka ho makala. A ntse a tšohile joalo, Kazuna o ile a hloella sethaleng ho ea amohela mohope oa hae—e leng moputso oa pele!

Kazuna ea thabileng o re: “Sena se ile sa khoneha feela ka lebaka la koetliso eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fanang ka eona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ke thabile haholo hore ebe ke fumane koetliso ena.” Sekolo sena, seo Kazuna a ngolisitseng ho sona ho tloha ha a sa le monyenyane, ke se seng sa liboka tsa phutheho tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha Kazuna a ne a itokiselletsa tlhōlisano ena, o ile a ela hloko ka ho khetheha taba ea tšebeliso ea sebuela-hōle, ho bua ka mofuthu le ka cheseho, boitšisinyo ba ’mele, ho sheba bamameli le litaba tse ling tse rutoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

Re kōpa ho u mema hore u tl’o inoesa ka nkho hore na ho etsoa’ng sekolong sena, se tšoaroang beke le beke Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e haufi le uena. U iponele kamoo ba bacha le ba baholo ba ruang molemo kateng. Seboka sena se bulehetse batho bohle. Haeba u batla boitsebiso bo eketsehileng mabapi le sekolo se haufi le moo u lulang teng, re kōpa hore u iteanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela