Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na U na le Pono ea Bomolimo ka Lino Tse Tahang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Mokreste a ka ’na a etsa’ng ha a khathala maikutlong le moeeng?

Ho hlokahala hore re tsebe sesosa sa mokhathala. Re ka ’na ra thusoa ke ho etsa lethathamo la lintho tseo re tloaetseng ho li etsa le tseo re nang le tsona, ebe re hlobola boima bo sa hlokahaleng. Re ka ipehela lipakane tseo re ka li finyellang ho latela maemo a rōna. Ke habohlokoa haholo hore re hlokomele bophelo ba rōna ba moea, ’me seo se lokela ho akarelletsa ho rapela le ho nahanisisa kamehla.—8/15, leqepheng la 23-6.

• Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li nka 144 000 e le palo ea sebele?

Ka mor’a hore moapostola Johanne a bolelloe ka ba 144 000, o ile a bona “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala.” (Tšenolo 7:4, 9) Haeba 144 000 e ne e le palo ea tšoantšetso, phapang pakeng tsa litemana tsena tse peli e ne e ke ke ea hlaka. Jesu o ile a bua ka ba tla busa le eena e le “mohlatsoana.” (Luka 12:32)—9/1, leqepheng la 30.

• Ke hobane’ng ha Moiseraele a ne a ka rekisetsa mojaki phoofolo e shoeleng e sa ntšoa mali?

Osele kapa mojaki ea neng a sa sokoloha o ne a se tlas’a Molao. Kahoo Moiseraele o ne a lumeletsoe ho mo fa kapa ho mo rekisetsa liphoofolo tse joalo. (Deuteronoma 14:21) Empa mosokolohi eena o ne a tlangoa ke Molao ’me o ne a ke ke a ja nama ea phoofolo e joalo. (Levitike 17:10)—9/15, leqepheng la 26.

• Biomimetics ke eng, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba ka ’na ba e thahasella?

Ke lefapha la saense le lekang ho etsisa boqapi bo fumanoang tlhahong. Ka mohlala, bara ba Wright ba ile ba qapa sefofane ka mor’a hore ba ithute kamoo linonyana tse khōlō li fofang kateng. Kahoo biomimetics e ka susumetsa Mokreste hore a tlotlise ’Mōpi.—10/1, leqepheng la 9.

• Ka mang eo ho buuoeng ka eena ho 2 Bakorinthe 12:2-4 e le ea nketsoeng paradeiseng?

Litemana tsena li tla hang ka mor’a litemana tseo Pauluse a neng a sireletsa boapostola ba hae ho tsona. Kaha Bibele ha e bue ka motho e mong ea neng a kile a ba le phihlelo eo, hape kaha ke Pauluse ea re phetelang eona, ho ka etsahala hore ebe ke Pauluse ea boneng pono eo.—10/15, leqepheng la 8.

• Ke litšobotsi life tse ling tsa Jesu tse etsang hore a tšoanelehe ho ba Moeta-pele ea khethiloeng ke Molimo?

Jesu o ile a tšepahala ka ho feletseng, a itšoara ka botšepehi le ka bokhabane. O ne a inehetse ka ho feletseng ho Molimo. Jesu o ne a amehile ka botebo ka batho a bile a ikemiselitse ho sebetsa.—11/1, leqepheng la 6-7.

• Bademona ba tla be ba le hokae nakong ea Lilemo Tse Sekete?

Hoa utloahala hore re qete ka ho re nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ba tla be ba koaletsoe ka mohohlong hammoho le Satane. (Tšenolo 20:1-3) Genese 3:15 e ile ea bolela esale pele ka ho khojoa hlooho ha noha e leng se akaretsang ho koalloa ka mohohlong nakong ea Lilemo Tse Sekete. Peō ea eona e akarelletsa mangeloi a khopo, kapa bademona. Ntlha ea hore a bontšitse ho tšaba mohohlo ke pontšo ea hore aa tseba hore a se a tla thibeloa ka tsela eo. (Luka 8:31)—11/15, leqepheng la 30-1.

• Ke hobane’ng ha motho a lokela ho ba hlokolosi ha a noa lino tse tahang, esita le hoja a qoba ho li noa ho fihlela a bonahala a tahiloe?

Batho ba bang ha ba bonahale hakaalo hore ba tahiloe esita le ka mor’a hore ba noe haholo. Leha ho le joalo, butle-butle, motho a ka iphumana a se a lemaletse lino tse tahang ebe o fetoha ‘lekhoba la veine e ngata.’ (Tite 2:3) Jesu o ile a re lemosa hore re se ke ra “imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo.” (Luka 21:34, 35) Ha ho hlokahale hore motho ea noang a be a tahoe pele a qala ho otsela le ho ba botsoa—nameng esita le moeeng.—12/1, leqepheng la 19-21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela