“Le Lule le Lebetse”
MEHLENG ea boholo-holo, balebeli ba liheke ba ne ba hlokomela liheke tsa motse le menyako ea litempele, ’me ka linako tse ling ba ne ba hlokomela menyako ea matlo a batho ka bomong. Ho phaella tabeng ea ho etsa bonnete ba hore liheke li koetsoe bosiu, ba ne ba boetse ba lebela. Mosebetsi ona o ne o hloka motho ea nang le boikarabelo, kahobane tšireletseho ea motse e ne e itšetlehile ka hore ba hlabe mokhosi ho lemosa batho ka kotsi leha e le efe e atamelang.
Jesu Kreste o ne a tloaelane le mosebetsi oa balebeli ba liheke, bao hape ba neng ba bitsoa balebeli ba menyako. Ka lekhetlo le leng, o ile a tšoantša barutuoa ba hae le balebeli ba menyako ’me a ba khothalletsa hore ba lule ba lebetse mabapi le bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda. O ile a re: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng. Ho joaloka motho ea etelang hōle ea ileng a siea ntlo ea hae eaba o . . . laela molebeli oa monyako hore a lule a lebetse. Ka hona le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng.”—Mareka 13:33-35.
Ka ho tšoanang, ka lilemo tse fetang 125 ho fihlela joale, koranta ena ea Molula-Qhooa e ’nile ea phatlalatsa khothatso ea Jesu ea hore re ‘lule re lebetse.’ Joang? Joalokaha ho boletsoe leqepheng la 2 la makasine ena, “O alositse liketsahalo tsa lefatše ha liketsahalo tsena li phethahatsa boprofeta ba Bibele. O tšelisa batho bohle ka litaba tse molemo tsa hore ’Muso oa Molimo o tla tloha o timetsa ba hatellang batho ba bang le hore o tla fetola lefatše paradeise.” Lefatšeng ka bophara ho ajoa likoranta tse fetang 26 000 000 tsa Molula-Qhooa ka lipuo tse 150, ’me seo se etsa hore Molula-Qhooa e be eona makasine ea bolumeli e ajoang ka ho pharaletseng ho feta tsohle lefatšeng. Joaloka balebeli ba liheke ba boholo-holo, Lipaki Tsa Jehova li sebelisa koranta ena ho khothalletsa batho hohle hore ba ‘lule ba lebetse’ moeeng hobane haufinyane Monghali, Jesu Kreste, o tla khutla hore a tl’o ahlola tsamaiso ena ea lintho.—Mareka 13:26, 37.