Bibele ea Berleburg
BOPHAETE e ne e le mokhatlo oa bolumeli o ileng oa hlaha ka har’a Kereke ea Luthere ea Jeremane lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo. Balateli ba bang ba mokhatlo ona ba ile ba songoa ba ba ba hlorisoa ka lebaka la tumelo ea bona. Litsebi tse ’maloa tsa Maphaete li ile tsa fumana sebaka sa tšireletso Berleburg, e ka bang lik’hilomithara tse 150 ka leboea ho Frankfurt am Main. Monna e mong ea phahameng oa moo, ea neng a hlompha bolumeli haholo, e leng Mohlomphehi Casimir von Wittgenstein Berleburg, o ile a ba fa sebaka sa tšireletso. Boteng ba baboleli bana le barutehi Berleburg bo ile ba etsa hore ho be le phetolelo e ncha ea Bibele, eo kajeno e tsejoang e le Bibele ea Berleburg. Ho tlile joang hore phetolelo ee e be teng?
E mong oa ba neng ba batla sebaka sa tšireletso e ne e le Johann Haug, ea ileng a tlameha ho siea lehae la hae Strasbourg hobane litsebi tsa bolumeli tsa sebaka sa habo li ne li sa batle ho mo fa bolokolohi ba puo litabeng tsa bolumeli. Haug e ne e le setsebi se rutehileng haholo a bile a tseba lipuo tse ngata. O ile a bolella litsebi-’moho le eena tsa Berleburg ka takatso ea hae e matla ea “hore ho be le phetolelo ea Bibele e sa tsoakoang ho hang, e le ho lokisa liphoso tse entsoeng phetolelong ea Luther, ho fetisa moelelo hantle ho lumellana le tlhaloso ea Lentsoe la Molimo le ho lumellana le moelelo oa lona oa sebele.” (Die Geschichte der Berlenburger Bibel [Histori ea Bibele ea Berleburg]) Sepheo e ne e le ho hlahisa Bibele e nang le lintlha le litlhaloso tse khutšoanyane, le e neng e tla utloisisoa ke batho feela ba tloaelehileng. Haug o ile a kōpa thuso ho litsebi linaheng tse ling tsa Europe, ’me mosebetsi ona o ile oa mo nka lilemo tse 20. Bibele ea Berleburg e ile ea hatisoa ho qala ka 1726. Ka lebaka la litlhaloso tsa eona tse ngata, e ile ea nka meqolo e robeli.
Ka sebele Bibele ea Berleburg e na le lintlha tse itseng tse thahasellisang. Ka mohlala, Exoda 6:2, 3 e baleha tjena: “Ho ekelletsa moo Molimo a bua le Moshe ’me a re ho eena: Ke ’na MORENA! ’Me ke iponahalitse ho Abrahama/ho Isaka le ho Jakobo/ke le Molimo ea matla ’ohle: empa ba ne ba sa ntsebe ka lebitso la ka la JEHOVA.” Tlhaloso e re: “Lebitso JEHOVA . . . , lebitso le khethollang/kapa/lebitso le phatlalalitsoeng.” Lebitso la Molimo, Jehova, le boetse le hlaha litlhalosong tsa Exoda 3:15 le Exoda 34:6.
Kahoo Bibele ea Berleburg e ile ea fetoha e ’ngoe ea Libibele tse ngata tsa Sejeremane tse ileng tsa sebelisa lebitso Jehova tabeng ea sehlooho e ngotsoeng, mongolong o botlaaseng ba leqephe, kapa litlhalosong. E ’ngoe ea liphetolelo tsa morao-rao tse fang lebitso la Molimo tlhompho e le loketseng ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.