Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 2/15 leq. 32
  • Ke Mang ea Tla Fepa Lefatše?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tla Fepa Lefatše?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 2/15 leq. 32

Ke Mang ea Tla Fepa Lefatše?

HO LATELA khakanyo e entsoeng ke Lenaneo la Lefatše la Lijo, e leng mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o loantšang tlala, batho ba limilione tse 800—bao boholo ba bona e leng bana—ba haufi le ho shoa ke tlala. Morao tjena, mokhatlo ona o boletse hore lichelete le tlhokomelo eo lichaba tse ngata tse tsoetseng pele li ka beng li e sebelisitse ho lokisa bothata bona li sebeliselitsoe mathata a mang, a kang bokhukhuni. Ho ata ha mafu a tšoaetsanoang ho tōtisitse bothata bona. Global School Feeding Report ea mokhatlo ona e itse ka linaha tsa Afrika tseo AIDS e atileng ho tsona: “Moloko oohle oa batsoali o ntse o fela. Hangata ba siea bana ba tlamehang ho ikhoantlella, bao boholo ba bona ba se nang tsebo ea temo kapa ea mokhoa oa letsatsi le letsatsi oa ho iphelisa eo ka tloaelo e fetisoang ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.”

Lenaneo la Lefatše la Lijo le ntšetsa pele morero oo sepheo sa oona e leng ho fepa likolo bonyane hang ka letsatsi. Sepheo hase feela ho fokotsa tlala empa hape ke ho tsosolosa mananeo a mang a etselitsoeng ho thibela HIV/AIDS har’a bacha ka thuto e tsoelang pele.

Libakeng tseo ho nkiloeng mohato ona ho tsona, bana ba fumane lijo, koetliso litabeng tsa bohloeki ba ’mele le thuso e ’ngoe e eketsehileng. Hape ho hlokometsoe hore ha batho ba fetola boitšoaro ba bona, lipalo tsa ba tšoaetsoang HIV/AIDS lia fokotseha.

Ka masoabi, hangata liphello tsa matsapa a batho ke tsa nakoana feela ebile ha li hlahise maphomela a molemo. Empa Bibele e fana ka tšepiso e tšelisang mabapi le tharollo ea ka ho sa feleng ea bothata ba tlala. Pesaleme ea 72:16 e re: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.” Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho ba tla khona ho bua mantsoe a latelang ka Jehova Molimo: “U lebisitse tlhokomelo ea hao lefatšeng, e le hore u ka le fa nala . . . U lokisetsa lijo-thollo tsa bona, etsoe ke tsela eo u lokisang lefatše ka eona.”—Pesaleme ea 65:9.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

WFP/Y. Yuge

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela