Ketsahalo e Lokelang ho Hopoloa
KE KETSAHALO efe? Ke ketsahalo ea lefu la monna ea ileng a shoa hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng. O ile a re: “Ke nehelana ka moea oa ka, e le hore nka o amohela hape. Ha ho motho ea nkamohileng oona, empa ke nehelana ka oona e le ho itsoelang ho ’na.” (Johanne 10:17, 18) Monna eo e ne e le Jesu Kreste.
Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba keteke Sehopotso sa lefu la hae la sehlabelo. Mokete ona o boetse o bitsoa “lijo tsa shoalane tsa Morena,” kapa “selallo sa Morena.” (1 Bakorinthe 11:20; Bibele ea Sesotho) Lipaki Tsa Jehova le metsoalle ea tsona li tla keteka Sehopotso seo Jesu a ileng a se qalisa hore ho hopoloe lefu la hae ka sona, ’me se tla ketekoa ka Labone la la 24 March, 2005, ka mor’a hore letsatsi le likele.
Puo ea Bibele e tla hlalosa hore na bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu tse tla sebelisoa moketeng ona li bolela eng. (Matheu 26:26-28) Puo ena e tla araba le lipotso tse kang tsena: Bakreste ba lokela ho hopola ketsahalo ee hakae? Ke bo-mang bao ho nepahetseng hore ba je litšoantšetso tsa bohobe le veine? Ke bo-mang ba ruang molemo ka lefu la Jesu? Mokete ona oa bohlokoa o tla thusa bohle ho utloisisa morero oa bophelo ba Jesu le oa lefu la hae.
U tla amoheloa ka mofuthu Sehopotsong sa lefu la Jesu. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno ka sebaka seo ho tla kopaneloa ho sona le nako.