Moafrika ea Ikokobelitseng ea Neng a Rata Lentsoe la Molimo
HANGATA baeti ba etelang Afrika ba makatsoa ke kamoo ba fumanang ho le bonolo kateng ho qalisa moqoqo ka lihlooho tsa Bibele le batho ba moo ba etetseng teng. Ho bonolo hore batho ba mamele ha ho tšohloa lipotso tse kang, “’Muso oa Molimo ke eng?” kapa “Na ho na le tharollo ea ka ho sa feleng ea mathata a kang khaello ea lijo, mafu, lintoa le tlōlo ea molao?” Ba bangata ba thabela ho lumella motho eo ba sa mo tsebeng ho ba bontša likarabo tse tsoang Bibeleng. Hangata sena se fella ka thuto ea kamehla ea Bibele. ’Me ha liithuti li hatela pele moeeng, eba Bakreste ba kolobelitsoeng.
E mong oa Maafrika a pele oa ho nka khato e joalo o tlalehiloe ka Bibeleng ho Liketso 8:26-40. E ne e le monna oa Moethiopia ea neng a ile a ea Jerusalema ho ea rapela Molimo oa ’nete, Jehova.
Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se ka tlaase mona, monna eo oa Moethiopia o khutlela ha habo a palame koloi ea hae, a ntse a bala moqolo. O atameloa ke motho e mong eo a sa mo tsebeng ’me motho eo o re: “Na u tseba seo u se balang?” Ka boikokobetso, Moethiopia eo oa lumela hore o hloka thuso ebile o kōpa motho eo a sa mo tsebeng, moevangeli oa Mokreste ea bitsoang Filipi hore a hloelle ka koloing. Joale o kōpa Filipi hore a mo hlalosetse se boleloang ke temana ea Lengolo leo a sa tsoa le bala. Filipi oa mo hlalosetsa hore ke boprofeta bo neng bo bua ka lefu le sa tsoa etsahala la Mesia, e leng Jesu Kreste. Hape Filipi o pheta lintlha tse ling tse amanang le “litaba tse molemo mabapi le Jesu,” ntle ho potang li akarelletsa tsoho ea Jesu.
Ha Moethiopia eo a se a utloile linnete tsena tse babatsehang, o batla ho ba morutuoa oa Jesu ’me oa botsa: “Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Ka mor’a ho kolobetsoa, monna enoa ea ikokobelitseng oa Moafrika o khutlela ha habo a thabile, ’me Bibele ha e sa bua ka eena hape.
Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li thusa batho ba limilione lefatšeng ka bophara ho ithuta “litaba tse molemo” tse tšoanang le tseo. Hona joale, ho khannoa lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng tse ka bang limilione tse tšeletseng.