Histori ea Bibele—E Nepahetse Hakae?
BUKENG ea bona e bitsoang Battles of the Bible, Chaim Herzog, eo pele e neng e le mopresidente oa Naha ea Iseraele le Mordechai Gichon, moprofesa ea seng a behile meja fatše oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale Univesithing ea Tel Aviv, ba re:
“Tlhaloso ea maqiti a neng a sebelisoa lintoeng tsa Bibele . . . e ke ke eaba ke ea boiqapelo. Ka mohlala, u fumana bopaki bo lekaneng ha u hlahloba taba ea ha Gideone a futuhela Bamidiane le ba ikopantseng le bona, joalokaha e hlalositsoe ho Baahloli, khaolo ea 6 ho ea ho 8, u e bapisa le litlhaselo tsa Ntoa ea Trojan, tse hlalositsoeng ke Homer ho Iliad ea hae. Tlalehong ea Homer, ho ne ho lekane ho bua ka lebōpo leha e le lefe la leoatle leo ho neng ho le bobebe ho fihla ho lona esita le motse o haufinyane o sirelelitsoeng ka thata e le sona sebaka seo ketsahalo eo e etsahetseng ho sona . . . Empa tlaleho ea Bibele ea phutuho ea Gideone eona ha e joalo. Tlhaloso e qaqileng ea metsamao e etsoang ka maqiti le ho thulana le sera e thehiloeng ho se etsahetseng ho latela boemo ba sebaka le liketso tsa metsoalle le tsa ba lireng—tse etsahalang sebakeng sa ntoa se bolelele ba lik’hilomithara tse 60—ruri hase ntho e ka etsisoang sebakeng leha e le sefe se seng . . . Kahoo ha re na boikhethelo haese ho lumela tlhaloso ea maqiti a ntoa joalokaha e boletsoe ka Bibeleng.”
U ka ’na ua ithuta ka phutuho ea Gideone u sebelisa ’mapa o leqepheng la 18 le la 19 bukaneng e kang atlelase ea Bibele e bitsoang “Bona Naha e Ntle.”a Taba ena e qalile ha “Bamidiane bohle le Baamaleke le ba Bochabela ba bokana hammoho joaloka motho a le mong ’me ba tšela eaba ba hloma liahelo khohlong ea Jezriele.” Gideone o ile a bitsa meloko e haufi ho tla thusetsa. Ntoa e ile ea qala selibeng sa Harode ea fihla leralleng la More, eaba e theohela tlaase Khohlong ea Jordane. Ka mor’a ho lelekisa lira ho ea fihla ka nģ’ane ho Nōka ea Jordane, Gideone o ile a li hlōla.—Baahloli 6:33–8:12.
’Mapa o bukaneng ea “Bona Naha e Ntle” o bontša libaka tse ka sehloohong tse boletsoeng le likarolo tse amehang tsa naha eo. ’Mapa o mong (leqepheng la 15) o bontša libaka tsa meloko ea Iseraele. Limmapa tseo tse peli li ka u thusa ho hlokomela hore tlaleho eo ea Bibele e nepahetse.
Sena se totobatsa se ileng sa hlokomeloa ke Moprofesa ea seng a hlokahetse, Yohanan Aharoni, ha a ne a re: “Naheng ea Bibele, jeokrafi le histori ke mathe le leleme, u ke ke ua khona ho utloisisa ho hong ntle le thuso ea ho hong.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Background map: Based on maps copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.