Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 6/15 leq. 32
  • “O Hloriselitsoe Tumelo ea Hae”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Hloriselitsoe Tumelo ea Hae”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 6/15 leq. 32

“O Hloriselitsoe Tumelo ea Hae”

TOROPONG ea Cernobbio e Italy ka leboea ho ile ha thehoa setša sa sehopotso serapeng sa boikhathollo sa motse e le ho ikhopotsa batho bao litokelo tsa bona tsa botho li ileng tsa hatakeloa. Sefika se seng se bontšoang setšeng seo sa sehopotso ke sa Narciso Riet. Riet ea tsoaletsoeng Jeremane le hoja batsoali ba hae e ne e le Mataliana, e bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka bo-1930. Nakong ea puso Hitler, Lipaki Tsa Jehova li ne li hlorisoa ka lebaka la ho hana ho beha Hitler sebakeng sa Molimo oa ’nete, Jehova.

Ha Magestapo a hlokomela hore Riet o ne a ntse a kenya letsoho ho tliseng limakasine tsa Molula-Qhooa likampong tsa mahloriso, o ile a balehela Cernobbio. Ha a le moo, o ile a kōptjoa hore a fetolele Molula-Qhooa ka Setaliana le ho o isetsa balumeli-’moho le eena ba haufi. Batho ba ile ba bona mesebetsi ea hae e neng e etsoa ka sehlahlo. Ofisiri ea SS le banna ba eona ba ile ba hlasela ha Riet, ba mo tšoara ’me ba nka le bopaki ba “bonokoane”—e leng Libibele tse peli le mangolo a seng makae! Riet o ile a isoa Jeremane, a koalloa kampong ea mahloriso ea Dachau eaba o bolaoa nakoana pele Ntoa ea II ea Lefatše e lala. Sefika sa Cernobbio se re, “o hloriselitsoe tumelo ea hae.”

Tumelo ea Narciso Riet le ea Lipaki tse ling tse makholo tse ileng tsa hlorisoa ke Manazi e khothatsa Bakreste kajeno hore ba lule ba tšepahala ho Jehova, e leng Motho feela bokahohleng ea tšoaneloang ke borapeli ba bona. (Tšenolo 4:11) Jesu o ile a re: “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka.” Molimo o tla hopola liketso tsa bona ’me o tla ba hlohonolofatsa ka lebaka la tsela ea bona e bontšang sebete.—Matheu 5:10; Baheberu 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela