Ho Ananeloa Tsela eo ba Thahasellang Bibele ka Eona
MARIANNA ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova tsa Italy ka boroa, ’me o lilemo li 18 ebile sena ke selemo sa ho qetela a le sekolong se phahameng. O kena sekolo le bacha ba bang ba Lipaki.
Marianna oa ngola: “E se e le ka lilemo tse ’maloa joale ’na le ba bang re bala temana ea letsatsi [bukaneng ea] Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla nakong ea khefu. Sebaka se le seng feela seo re neng re ka e balla ho sona e ne e le phasejeng e ’ngoe e pel’a phaposi ea matichere. Ho ne ho sa khutsa hakaalo. Matichere a mangata a ne a re bona ha a feta, ’me a mang a ne a ema e le hore a bone hore na re etsa’ng. Hangata sena se ne se re fa monyetla oa ho araba lipotso tsa ’ona. Ka kakaretso, ho ne ho ema mosuoe a le mong letsatsi le leng le le leng. A mangata a ne a ema ’me a mamela ha re tšohla temana ea Bibele ’me a ne a bontša hore a ananela tsela eo rōna Lipaki re thahasellang lintho tsa moea ka eona. Ka nako e ’ngoe, motlatsi oa mosuoe-hlooho o ile a re bitsetsa phaposing ea matichere e le hore re tšohlele [Bibele] ka teng.
“Ka mor’a hore mosuoe oa ka a bone moo re neng re tšohlela temana [ea letsatsi] teng, o ile a kōpa mosuoe-hlooho hore re e tšohlele ka tlelaseng e ’ngoe, moo ho neng ho tla be ho khutsitse. Mosuoe-hlooho o ile a re lumella, eaba mosuoe oa ka o re babatsa ka pel’a sehlopha sohle ka lebaka la mohlala o motle oo re o behang. Kaofela ha rōna re nyakaletse haholo ka lebaka la tlotla e khōlō hakana eo Jehova a re fileng eona.”